Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 25:38 - BIBELE

38 Morena o jwaloka tau e tswile selaong, kahoo naha ya bona e fetohile nanaola, ka baka la bohale ba sabole, sabole ya motlatlapi, ka baka la kgalefo ya Morena, kgalefo e tlokomang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 O tla tloha jwaloka tau e morung, hore lefatshe la bona le tle le fetolwe lesupi ke bohale ba lerumo le bolayang, le ke bohale ba kgalefo ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 25:38
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo o a tsejwa naheng ya Juda, lebitso la hae le leholo Iseraeleng.


Badisa ba bangata ba sentse tshimo ya ka, ba hataketse morara wa yona, ba o hatakela ka maoto, tshimo ya ka e ntle ba e fetola lehwatata.


Ba jetse koro, ba kotula hlabahlabane, ba sebetsa ka thata, ba sebeletse lelea, kotulo ya bona e ba hlabisitse dihlong, ka baka la kgalefo ya Morena, kgalefo e tlokomang.”


Naha ena yohle e tla ba nanaola le setsoto, mme ditjhaba tsena di tla sebeletsa kgosi ya Babilona ka dilemo tse mashome a supileng.


“Jwale ba porofetele mantswe ana wohle, o re ho bona: “ ‘Morena o tla puruma a le hodimo, a howeletse a le sehalalelong sa hae, a kgarumele lefatshe la hae. O tla howa sa batho ba tlhotlang morara, a howeletse baahi bohle ba lefatshe.


Tau e tswile selaong sa yona, motimetsi wa ditjhaba o futuhile; o tswile hae ho senya naha ya hao, metse e be masupi, e hloke baahi.


“Jwaloka tau e tswang merung ya Jorodane, e etswa ho ya makgulong a matalana, ka ho panya ha ntshi Edomo ke tla e leleka, ke e leleke naheng e le ya yona. Ba tla sireletswa ke mang ha ke ba otla? Ya ka tshwanang le nna ebe ke mang? Ya ka nkisang kgotla yena ke mang? Moetapele ke ofe ya ka nkemang kapele?”


Kahoo tau tsa meru di tla ba bolaya, phiri tsa lehwatata di ba harolake, mangau a solle hara metse ya bona. Bohle ba tswelang kantle ba tla tsekollwa, hobane dibe tsa bona di ngatangata, bokwenehi ba bona bo feta tekanyo.


Fedisa mojadi Babilona, le mokotudi ka sekele ya hae a fele. Ka baka la ho tshaba sabole ya mohatelli motho ka mong a kgutlele tjhabeng sa habo, motho ka mong a balehele naheng ya habo.”


Jwaloka tau e tswang morung wa Jorodane, e etswa ho ya makgulong a matalana, ka ho panya ha ntshi Babilona e tla lelekwa! Ba tla sireletswa ke mang ha ke ba otla? Ya ka tshwanang le nna ebe ke mang? Ya ka nkisang kgotla yena ke mang? Moetapele ke ofe ya ka nkemang kapele?”


Etlare ha Morena a puruma sa tau, tjhaba sa hae se mo sale morao; etlare ha a puruma, bana ba hae ba tle, ba tle ba thothomela, ba etswa bophirima.


Ho ba ntlo ya Efraime ke tla tshwana le tau, ho ba ntlo ya Juda eke ke tawana. Nna ka sebele ke tla harola, ke ikele, ke ba hlasinye, ba hloke monamoledi.


“Na naha yohle ha e na ho thothomela, le bohle ba ahileng ho yona ba bokolle? Naha yohle e tla kokomoha, e kokomohe jwaloka Nile, e be e nne e hlokolehe, e nto bohlela jwaloka noka ya Egepeta.


Ka bona lengeloi le neng le bua le nna le atamela, mme lengeloi le leng la atamela ho tla le kgahlanyetsa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ