Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 25:37 - BIBELE

37 Metse ya bona ya kgotso e fetohile masupi, ka baka la kgalefo ya Morena, kgalefo e tlokomang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Meaho e dutseng ka kgotso e tla senngwa ke bohale ba kgalefo ya Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 25:37
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena ke kgosi; lefatshe le ke le nyakalle, dihlekehleke tse ngata di ke di thabe.


Ntlo ya kgosi e tla sala e le feela, mmidimidi o hara motse o fele; qhobosheane le tora e tla ba dithako kamehla, tonki di thalle teng, le mehlape e fule teng,


Bonang, Morena o tla a le hara mollo, kariki tsa hae tsa ntwa di ka setsokotsane, kgalefo ya hae e tlokomang o e dihela ka mabifi, malakabe a mollo ke yona kgalemo ya hae.


Badisa ba bangata ba sentse tshimo ya ka, ba hataketse morara wa yona, ba o hatakela ka maoto, tshimo ya ka e ntle ba e fetola lehwatata.


Ba jetse koro, ba kotula hlabahlabane, ba sebetsa ka thata, ba sebeletse lelea, kotulo ya bona e ba hlabisitse dihlong, ka baka la kgalefo ya Morena, kgalefo e tlokomang.”


Phahamisang mahlo a lona, le bone ba le futuhelang ba etswa leboya. O kae mohlape oo o neng o o disa, mohlape wa hao o neng o kgahleha?


Seboko sa badisa se tla utlwahala, le sello sa beng ba mehlape, sello sa pohomela, hobane makgulo a bona Morena o a sentse!


Se tla ja dijalo le dijo tsa hao, se je bara le baradi ba hao; se je mehlape ya dikgutshwane le ya dikgomo, se je morara le feiye ya hao. Metse e hahetsweng marako, eo o e tshepang, e tla timetswa ka sabole, e timetswe ke sera seo.


hobane Modimo wa rona ke mollo o tjhesang lore!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ