Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 25:32 - BIBELE

32 Morena wa mabotho o bua tjena: “Koduwa e tla aparela ditjhaba! Lehodiotswana le tla tsoha, le tla tsoha pheletsong tsa lefatshe!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, bobe bo ya tswa setjhabeng se seng, bo ye setjhabeng se seng, lerole le tshabehang le ya tsoha dikgutlelong tsa lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 25:32
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ditjhaba tsa timetsana, le metse ya timetsana, hobane Modimo o ne a ba tliseditse ditsietsi tsohle.


Morena o tla utlwahatsa lentswe le tlotlehang la hae, a bonahatse tsoho la hae ha le theoha, le theoha ka mabifi le ka kgalefo, ka malakabe a mollo o timetsang, ka leru le phatlohang, le ka difefo, le ka sefako.


Morena o halefetse ditjhaba tsohle, kgalefo ya hae e hodima mabotho wohle a tsona; o di timeditse kaofela ha tsona, o neelane ka tsona hore di bolawe.


Metsu ya bona e ntjhotjho, diqha tsa bona di dutse di kobilwe, tlhako tsa pere tsa bona eka mahakwe, mabidi a koloi tsa bona tsa ntwa eka setsokotsane.


“Ke tseba diketso tsa bona le mehopolo ya bona; nako e tla fihla, ke kgobokanye ditjhaba, le ba dipuo tsohle, bohle ba tla tla ba bohe tlotla ya ka.


Tsokotsane sa Morena se tsohile, se tsohile ka sekgahla le ka kgalefo, ka sekgahla, ba kgopo se a ba tsukutla.


Setsokotsane sa Morena se ferella se halefile, ke tsokotsane se puputlang se sa kgaotse; se tla theohela hodima hlooho tsa ba kgopo.


Jwale Morena o bua tjena: “Bonang! Tjhaba se tswang naheng e ka leboya se a tla; tjhaba se matla se tswa pheletsong tsa lefatshe.


Se hlometse ka diqha sa hlomela le ka marumo se sehloho, se bile se hloka mohau; mantswe a sona a hwasa sa lewatle le befile; se palame dipere, se theile theko ya ntwa, se futuhela wena Moradi wa Sione.”


Kahoo nkemeleng,” ho rialo Morena, “le nkemele ho fihlela ha ke le qosa. Ke na le morero wa ho phutha ditjhaba, wa ho di phutha le mebuso ya tsona, ke hlatsetse kgalefo ya ka hodima tsona, e leng bohale ba ka bo tukang malakabe. Lefatshe lohle le tla timetswa ka mollo, ka mollo wa kgalefo ya ka ya ho boulela.


Yaba o re ho bona: “Ditjhaba di tla tsohelana matla, le mebuso e futuhelane.


“Ho tla ba le dipontsho letsatsing, kgweding, le dinaleding. Lefatsheng ditjhaba di tla ba matswalong le tsielehong ka baka la modumo wa lewatle le maqhubu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ