Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 25:29 - BIBELE

29 Bonang, jwale ke qala ho dihela koduwa hodima motse ona o bitswang ka lebitso la ka; ebe na lona le ke ke la otlwa ho hang? Le tla otlwa, hobane baahi bohle ba lefatshe ke tla ba bolaya ka sabole,’ ho rialo Morena wa mabotho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Hobane bonang, motse ona o bitswang ka lebitso la ka ke tla simolla ka wona ho hlahisa bobe; mme lona le be le ka phema kotlo na? Le ke ke la e phema, hobane nna ke memela baahi bohle ba lefatshe lerumo, ho bolela Jehova wa makgotla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 25:29
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O utlwe o le leahong la hao le lehodimong, moditjhaba eo o mo etsetse tsohle tseo a di kopang ho wena, e le hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe lebitso la hao, di o tshabe, jwalokaha setjhaba sa hao sa Iseraele se o tshaba; di be di tsebe le hore ntlo ena eo ke e hahileng e bitswa ka wena.


Ruri ba kgopo ba tla ahlolwa, ba lokileng bona ba pheme kahlolo.


Ya lokileng o tla fumana moputso a sa phela, ya kgopo le moetsadibe le bona ba tla putswa.


Ya somang mafutsana o soma Mmopi wa hae, ya thabelang tsietsi tsa e mong yena o tla otlwa.


Etlare ha Morena a qetile mosebetsi wohle wa hae Thabeng ya Sione le Jerusalema, a otle kgosi ya Asiria ka baka la boikgohomoso ba pelo ya yona, le ka baka la ho inkela hodimo ha yona,


Ebe wena o re ho sona: ‘Morena o bua tjena: Bonang mona, baahi bohle ba naha ena, esita le dikgosi tse dutseng teroneng ya Davida, le baprista, le baporofeta, le baahi bohle ba Jerusalema, bohle ke tla ba tlopa veine.


o re: ‘Lona dikgosi tsa Juda le baahi ba Jerusalema, utlwang lentswe la Morena. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Mamelang! Sebaka sena ke tla se dihela koduwa e tla etsa hore ditsebe tsa mang kapa mang ya e utlwang di hlohlone.


Ke na le wena, ke tla o pholosa,” ho rialo Morena. “Le hoja ka tla timetsa ditjhaba tsohle, tjhaba tseo le tletsatletseng hara tsona, wena ha nka ke ka o timeletsa ruri. Leha ke o kgalemela e tla ba ka toka, nke ke ka o tlohela ke sa o otla.”


Wena mohlanka wa ka Jakobo, o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena,” ho rialo Morena. “Ditjhaba tsohle ke tla di timetsa, ditjhaba tseo ke o leleketseng hara tsona, empa wena ha o ka ke wa timella ruri; ke tla o ahlola, feela e le ka toka, nke ke ka o tlohela o sa ahlolwa ho hang.”


Morena o bua tjena: “Haeba ba sa lokelang ho nwa senwelo, ba se nwele, lona nke ke ka le otla hobaneng? Le tla otlwa, mme senwelo sena le tla se nwa.


“Kapa ha nka bolaya baahi ba naha eo ka sabole, mme ka re: ‘Sabole a e ke e bolaye baahi ba naha ena!’ ebe ke bolaya batho ba yona le diphoofolo tsa yona;


“Morena Modimo o bua tjena: Ho tla tshabeha hakaakang Jerusalema ha ke e romela dikotlo tsa ka tse nne, e leng sabole, sekoboto, dibatana le lefu la sewa, ho bolaya baahi ba naha eo le diphoofolo tsa yona!


Ke tla dihela Gogo dikoduwa ka mefuta ya tsona dithabeng tsohle tsa ka, ho rialo Morena Modimo. Motho ka mong o tla bolaya ngwanabo ka sabole.


Le ba bolaye kaofela: Maqheku le bahlankana le barwetsana le basadi le bana, empa bohle ba tshwailweng le se ke la atamela pela bona. Le hle le qale ka Sehalalelong sa ka.” Yaba ba qala ka baholo ba neng ba le kapele ho Tempele.


Seo lona tjhaba sa ka le se nweleng, la se nwella thabeng ya ka, thaba e halalelang, ditjhaba tsohle di tla se nwa ho-ya-ho-ile; di tla se nwa, di be di minyeletse, di be jwaloka hola di eso be teng.


“Tsoha, wena sabole, o lwantshe modisa wa ka, o lwantshe yena ya haufi le nna!” ho rialo Morena wa mabotho. “Otla modisa, dinku di tle di qhalane; nna ke tla otla le dikonyana.


“Ha e le moo ba etsa tsena sefateng se metsi, ho tla etsahalang ho se omeletseng?”


E se e le nako ya hore kahlolo e qale, mme e qale ka ba ntlo ya Modimo. Jwale ha e le moo e qala ka rona, qetello ya ba sa dumeleng molaetsa o molemo wa Modimo yona e tla ba jwang?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ