Ebe o romela molaetsa ho kgosi ya Edomo, le ho kgosi ya Moabe, le ho kgosi ya Baamone, le ho kgosi ya Tire, le ho kgosi ya Sidone; o o romele ka maqosa a tlileng Jerusalema ho Sedekiya, kgosi ya Juda.
“Na ha o tsebe hore Baalese, kgosi ya Baamone, o rometse Ishemaele, mora wa Netaniya, ho tla o bolaya?” Empa Gedaleya, mora wa Ahikama, a se ke a ba kgolwa.
Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua ka Moabe, o re: “Ho madimabe Nebo, hobane e ripitlilwe, Kiriataime ba e tlontlolotse, ba e hapile, qhobosheane ba e tlontlolla, ba e thuaka.
Malebana le Baamone Morena o bua tjena: “Na ebe Iseraele ha e na bara? Na ebe ha e na majalefa? Ho ya kang ha ba kgumamelang Milekome, e le bona ba jeleng lefa la Gade? Ho ya kang ha metseng ya Gade jwale ho se ho phela bona?
e leng Baegepeta, Bajuda, Baedomo, Baamone, Bamoabe le bohle ba phelang mahwatateng, dibakeng tse hole. Ditjhaba tsena tsohle ha di a bolla; le bohle ba ntlo ya Iseraele ha ba a bolotsa dipelo tsa bona.”
“Edomo le yona e teng, le dikgosi tsa yona le mahosana a yona. Le hoja batho bana e ne e le dinatla, ba rapaletse le ba bolailweng ka sabole. Ba tla rapalla jwalo le maqai le ba theohelang mohohlong.
Morena o bua tjena: “Baahi ba Edomo ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ba manakisitse bana babo bona, ba ba manakisa ka sabole, ba ba manakisa ba se na mohau, ba pheella kgalefong ya bona, bohale ba bona ba tuka malakabe, ba tuka sa malakabe a sa time.
Morena o bua tjena: “Baahi ba Amone ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ba tabotse baimana ba Gileade, ba ba tabola dimpa, ba tle ba atolose meedi ya bona.
Morena o hua tjena: “Baahi ha Moabe ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela; ba tjhesitse masapo, masapo a kgosi ya Edomo, ba a tjhesa a ba a fetoha molora!
Ntlo ya Jakobo e tla ba mollo, ntlo ya Josefa e be lelakabe, ntlo ya Esau yona e be matlakala; ba tla e hotetsa ka mollo, ba e tjhese, ho se be ya phonyohang wa ntlo ya Esau,” ho rialo Morena.