Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 25:18 - BIBELE

18 e leng tse Jerusalema le metseng ya Juda le dikgosi tsa yona, le mahosana a yona, hore di tle di fetohe nanaola, setsoto, sekgobo le thohako, jwalokaha ho le jwalo kajeno;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 e leng Jerusalema, le metse ya Juda, le marena a teng, le baholo ba teng, ho ba etsetsa tshenyeho le makatso, le sesomo, le thohako, jwalokaha ho le jwalo kajeno;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 25:18
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O bolokile tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate. O bile o ne o bue ka molomo wa hao, mme ka letsatsi lena o e phethahaditse ka matla a hao.


Ka baka la hobane eitse ha o utlwa mantswe ao ke a buileng ka sebaka sena le baahi ba sona, a hore se tla fetoha lesupi, se rohakehe, wa hahola diaparo tsa hao, pelo ya hao ya eba bonolo, wa ikokobeletsa Morena, wa ntshela ka dikgapha, le nna ke utlwile thapelo ya hao,’ ho rialo Morena.


“Ka baka lena, Morena o halefetse setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema, o ba kentse tsietsing, o ba entse setsoto, ba fetohile sekgobo, jwalokaha le lona le bona.


Ho tloha mehleng ya bo-ntata rona, ho fihlela kajeno, re bile le melato e meholo. Ka baka la bokgopo ba rona, rona, le dikgosi tsa rona, le baprista ba rona, ho neelanwe ka rona matsohong a dikgosi tsa dinaha tsena, hore re bolawe ka sabole, re thopuwe, re hanyapetswe, re hlabiswe dihlong, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Kajeno re makgoba naheng ya bo-ntata rona, naha eo o neng o ba abele yona, hore ba je tholwana tsa yona le menono ya yona; jwale ke mona re makgoba ho yona!


Modimo, o re lahlile, o re ripitlile; o ne o halefile, empa jwale ako kgutle, o kgutlele ho rona.


Mahosana o a etsa mafeelafeelane, babusi ba fatshe lena a ba fetole lefeela.


Le tla siela bakgethwa ba ka bitso la lona, bona ba tla le sebedisa ha ba etsa thohako; lona, Morena Modimo o tla le bolaya, bahlanka ba hae a ba bitse ka lebitso lesele.


Kajeno lena ke o nea matla hodima ditjhaba le hodima mebuso, hore o motsule o be o heletse, o timetse o be o phethole, o hahe o be o hlome.”


Lentswe la Morena la mphihlela kgetlo la bobedi, la re:


Morena o bua tjena: “Jwalokaha senyepa sena se senyehile, le boikgantsho ba Juda, le boikgantsho bo boholo ba Jerusalema, ke tla bo fedisa jwalo.


‘Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e ba nyonye, dibakeng tsohle tseo ke tla ba lelekela ho tsona ba nyediswe, e be setsoto, ba songwe, ba rohakwe.


Naha ena yohle e tla ba nanaola le setsoto, mme ditjhaba tsena di tla sebeletsa kgosi ya Babilona ka dilemo tse mashome a supileng.


ke tla bitsa ditjhaba tsohle tse ka leboya,’ ho rialo Morena, ‘ke bitse le mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, ditjhaba tseo di futuhele naha ena le baahi ba yona, di futuhele le ditjhaba tsohle tse ahelaneng le tsona, di di ripitle ho hang, di di etse setsoto, e be sekgobo, mme di timelle ruri.


nna ke tla etsa hore Tempele ena e tshwane le Shilo, motse ona o rohakehe mahlong a ditjhaba tsohle tsa lefatshe.’ ”


Eitse ha Morena a se a sitwa ho mamella diketso tsa lona tse kgopo le manyala ao le a entseng, yaba naha ya lona e fetoha nanaola le sesomo, ya rohakeha, ya hloka baahi jwalokaha ho le jwalo kajeno.


“ ‘Egepeta e tla ba nanaola e fetang tsohle, metse ya yona e be masupi a fetang wohle.


O phethahaditse dipolelo tsa hao, tseo o neng o di bue ho rona le ho babusi ba rona, ka ho re dihela koduwa ena e tshabehang. Lefatsheng lohle ha ho eso ka ho etswa se kang sena se entsweng mona Jerusalema.


Naha ya Juda ke tla e tjhesa, matlo a dikwele tsa Jerusalema ke a timetse.”


“Hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe, ke lona feela ke ileng ka le kgetha; ka baka leo, ke tla le otla, ke le otlele makgopo a lona, makgopo a lona kaofela.”


Ditaelo tsa Omeri le di phethile, le mesebetsi yohle ya ntlo ya Akabe, dikeletso tsa bona le ile la di latela; ka baka leo, ke tla le timetsa, tjhaba sa lona ke se fetole sesomo, sekgobo sa baditjhaba le se jare jwalo.”


Feela lona le itlhokomele, le kgese tse rohakehileng, esere ka ho nka dintho tseo tse rohakehileng la itlisetsa thohako, la tlisetsa le diahelo tsa Baiseraele thohako le tsietsi.


E se e le nako ya hore kahlolo e qale, mme e qale ka ba ntlo ya Modimo. Jwale ha e le moo e qala ka rona, qetello ya ba sa dumeleng molaetsa o molemo wa Modimo yona e tla ba jwang?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ