Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 25:13 - BIBELE

13 ‘Dintho tsohle tseo ke di boletseng ke tla di dihela hodima naha ena, e leng tsohle tse ngotsweng bukeng ena, tseo Jeremia a ileng a di porofetela dinaha tsena tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Mme ke tla hlahisetsa lefatshe leo mantswe wohle ao ke a boletseng bakeng sa lona, a ngodilweng kaofela bukeng ena, e leng se porofetilweng ke Jeremia hodima ditjhaba tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 25:13
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le dipolelo tseo ke di buang di jwalo, di ke ke tsa kgutlela ho nna di sa sebetsa letho, empa di tla phethahatsa seo ke se ratang, di phethe merero eo ke di rometseng ho e phetha.


Kajeno lena ke o nea matla hodima ditjhaba le hodima mebuso, hore o motsule o be o heletse, o timetse o be o phethole, o hahe o be o hlome.”


“Ke o tsebile ke eso o bope ka popelong ya mmao, ka ba ka o halaletsa o eso tswalwe, ka o kgethela ho ba moporofeta wa ditjhaba.”


“Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ngola mantswe wohle ao ke o boleletseng wona bukeng.’


“Nka buka, o ngole ho yona mantswe wohle ao ke a buileng ho wena ka Iseraele le Juda le ditjhaba tsohle, ho tloha mohla ke neng ke bua le wena, mehleng ya Josiya, ho fihlela kajeno lena.


O be o bolelle Jehoyakime, kgosi ya Juda, o re: ‘Morena o bua tjena: O ile wa tjhesa buka ena, wa re: Ke ka baka lang ha o ngotse bukeng ee, wa re: Ruri kgosi ya Babilona e tla tla e timetsa naha ena, mme e fedise batho le diphoofolo?’


Yaba Jeremia o bitsa Baruke, mora wa Neriya. Baruke a ngola mantswe wohle a tswang molomong wa Jeremia, ao Morena a neng a a buile ho yena, a a ngola bukeng.


PARESINE ke ho re: Mmuso wa hao o arotswe, o neilwe Bamede le Maperesiya.”


mme Dariuse wa Momede ya eba kgosi, a le dilemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi.


Yaba ho thwe ho nna: “O sa tshwanela ho ya bolela molaetsa kapele ho ditjhaba tse ngata, le mefuta e mengata, le ba dipuo tse ngata, le dikgosi tse ngata.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ