Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 23:36 - BIBELE

36 Ha le ka ke la hlola le bua ka molaetsa wa Morena hape, hobane lentswe la motho ka mong e tla ba lona molaetsa wa hae. Le sokamisitse mantswe a Modimo ya phelang, a Morena wa mabotho, Modimo wa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Empa tshenolo ya Jehova ha le sa tla hlola le e bolela jwalo, hobane e mong le e mong o tla otlwa ka baka la lentswe la hae; hobane le sokantse mantswe a Modimo o phelang, e leng Jehova wa makgotla, Modimo wa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 23:36
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlomong Morena Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a molaodi wa ntwa, eo monga hae, kgosi ya Asiria, a mo rommeng ho nyedisa Modimo ya phelang, mme a mo otle. Ka baka leo, rapella ba ntseng ba phela.’ ”


Batho ba bolellana mashano, maleme a bona a monate, empa ke bo-temepedi.


Wena ya leleme le thetsang, o tla newa eng, o ekeletswe eng?


ba ba dihele kahlolo e seng e ngotswe. Ke bona he, boitumelo ba batshepuwa ba hae. Haleluja!


Empa Modimo o ba fula ka metsu ya hae, o ba hlaba ka ho ba tsometsa.


Motho ya pelo e kgopo ha a atlehe; ya leme le tletseng thetso o tla timela.


Ka baka leo, se iketseng basomi, esere mahlaahlela a imela matsoho a lona, hobane ke utlwile ha ho phatlalatswa timetso, e phatlalatswa ke Morena, Modimo wa mabotho, a re lefatshe lohle le tla timetswa.


Jerusalema e kgothometsehile, Juda yona e se e putlame fatshe; Polelo le ketso tsa tsona di fetohetse Morena, di kgopisa mahlo a tlotlehang a hae.


Empa Morena ke Modimo wa nnete, ke Modimo ya phelang, Kgosi ya kamehla yohle. Ha a halefile fatshe lohle le a reketla, tjhaba di sitwa ho mamella kgalefo ya hae.


Wena o tle o bue tjena ho moporofeta, o re: ‘Morena o o arabetse ka ho reng? Morena o itseng?’


Dipono tse bonweng ke baporofeta ba hao e ne e le tsa leshano, tse se nang thuso; ha ba a ka ba o senolela sebe sa hao, hore ba o fapose bothopuwa ba hao. Ba ile ba o bolella dipono tsa bohata, dipono tse ileng tsa o thetsa, tsa o kgelosa.


Ke a le bolella, lentswe le leng le le leng la bosawana leo batho ba le buang, ba tla ikarabella hodima lona ka letsatsi la kahlolo,


“A re ho yena: ‘Ke tla o ahlola ka tsa molomo wa hao, mohlanka towe ya kgopo! O tsebile hore ke motho ya thata, ya nkang seo ke sa kang ka se bea, ya kotulang seo ke sa kang ka se jala!


ba re: “Banna, le etsetsang jwalo? Le rona re batho jwaloka lona. Re le bolella molaetsa o molemo, e le hore le furalle mafeela ana, le sokolohele ho Modimo ya phelang, ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona.


hobane motho ka mong o tla itjarela mefokolo ya hae.


Ke motho ofe ya kileng a utlwa lentswe la Modimo ya phelang, le bua le etswa hara mollo, jwalokaha rona re le utlwile, mme a nna a phela?


Bohle ba boledisa kamoo lona le re amohetseng hantle kateng, le kamoo le ileng la sokolohela ho Modimo kateng. Le ile la lahla medimo ya bohata, e le hore le tle le sebeletse Modimo ya phelang, wa nnete,


Mangolong wohle a hae, a amanang le ditaba tsena, o bua jwalo. Ho wona ho teng tse thata ho utlwisiswa, tseo ba sa rutehang le ba fokolang dikelellong ba di sothang, jwalokaha ba etsa Mangolong a mang, mme ba ye timelong.


Davida a bua ho banna ba neng ba eme pela hae, a re: “Monna ya ka bolayang Mofilesita eo, mme a tlosa sekgobo hara Baiseraele, o tla putswa kang? Mofilesita eo wa leqai yena ke mang, a ka tlakang mabotho a Modimo ya phelang?”


Mohlanka wa hao o se a ile a bolaya tau le bere. Mofilesita enwa wa leqai o tla shwa jwaloka e nngwe ya tsona, hobane o tlakile mabotho a Modimo ya phelang.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ