Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 23:20 - BIBELE

20 Kgalefo ya Morena ha e ka ke ya kgaotsa, ho fihlela e phethahatswa ke yena, ho fihlela a phethile merero ya hae; sena le tla se utlwisisa mehleng ya ho qetela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Bohale ba Jehova bo ke ke ba kgutla, a eso ho etse le ho phetha kgopolo ya pelo ya hae; mehleng ya morao le tla hlalohanya teng ka hlalefo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 23:20
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a bitsa bara ba hae, a re: “Tloong ho nna, mme ke tla le bolella se tla le hlahela ka matsatsi a tlang.


Empa ha ekare ha ba le naheng eo ba isitsweng ho yona e le bathopuwa, ba baka, mme hona moo naheng eo ya bathopi ba bona, ba o kopa, ba re: ‘Re sitilwe, re kgelohile, re entse bakgopo,’


Leha ho le jwalo, Morena ha a a ka a kgutla kgalefong ya hae e tshabehang, eo a neng a halefetse Juda ka yona, ka baka la mekgwa yohle eo Manase a ileng a mo phephetsa ka yona.


Morena a re: “Ke tla hleka Juda kapele ho sefahleho sa ka, jwalokaha ke ile ka hleka Iseraele, le motse ona wa Jerusalema, oo ke o kgethileng, ka re: ‘Ke tla kgumamellwa ho wona,’ le wona ke tla o lahla.”


Ha ho bohlale, kelello, kapa morero o ka atlehang ha Morena a sa o rate.


Morena wa mabotho o hlapantse, a re: “Jwalokaha ke hopotse, ho tla ba jwalo; jwalokaha ke rerile, ho tla phethahala.


le dipolelo tseo ke di buang di jwalo, di ke ke tsa kgutlela ho nna di sa sebetsa letho, empa di tla phethahatsa seo ke se ratang, di phethe merero eo ke di rometseng ho e phetha.


Kgalefo e tlokomang ya Morena ha e na ho kgaotsa ho fihlela Morena a phethile morero wa hae; mehleng e tlang le tla ultwisisa tsena hantle.


Kahoo lefatshe le tla ba le bofifi, mahodimo a hodimo le wona a fifale, hobane ke boletse, ke se ke rerile, nke ke ka fetoha kapa ka tjhetjha.”


Phahamisang mokgele hodima marako a Babilona! Matlafatsang balebedi ba motse! Beang dibohodi, le bee le balalli, hobane Morena o tla phetha morero wa hae, morero oo a soketseng baahi ba Babilona ka wona.


E leoditswe hore e tle e etse mofela, ya tshotswa hore e phatsime sa lehadima! “ ‘Na re lokela ho nyakalla, re thabe? Tjhaba sa ka se ile sa nyedisa, sa nyedisa dikotlo le dikeletso tsohle.


Batho bohle ba tla tseba hore ke nna Morena, ya ntshitseng sabole ya ka selateng sa yona, mme ha e ka ke ya hlola e kgutlela ka ho sona.’


Ka bahlanka ba hae, e leng baporofeta, Modimo o ile a nea baholoholo ba lona melao le ditaelo, empa ba se ke ba mamela, yaba Modimo o a ba otla. “Jwale ba baka, ba re: ‘Morena wa mabotho o ne a rerile ho re otla ka baka la metsamao ya rona le diketso tsa rona, mme o fela a phethile jwalo.’ ”


Matsatsing a qetello, ha le le matshwenyehong, mme dintho tsena di etsahala ho lona, le tla kgutlela ho Morena Modimo wa lona, mme le mamele lentswe la hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ