Wena lefatshe mamela! Tjhaba sena ke se tlisetsa koduwa, e leng tholwana ya merero ya sona, hoba ha se a mamela mantswe a ka, le molao wa ka se o lahlile.
Lona ditjhaba tsohle, mamelang! Wena lefatshe, sekeha tsebe! Le tsohle tse ho wena di sekehe tsebe! Morena Modimo o tla le qosa a le ka Tempeleng ya hae, Tempele e halalelang.
“Ka baka leo, ingolle sefela sena, o se rute bana ba Iseraele. Ba se tsebe ka hlooho, e le hore sefela sena e tle e be paki ya ka, e tswang bana ba Iseraele.
lehodimo le lefatshe ke dipaki tsa hore ruri le tla timela hanghang, naheng eo le tshelang Jorodane le eya ho yona, hore e be ya lona. Le ke ke la phela halelele naheng eo; le tla timetswa ho hang.