Jeremia 14:21 - BIBELE21 Ka baka la bitso la hao o se ke wa re nyonya, o se ke wa tlontlolla terone e tlotlehang ya hao. Hopola selekane seo o se entseng le rona, o se hopole, o se ke wa se fedisa. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)21 Ka baka la lebitso la hao, o se ke wa nyedisa, o se ke wa senya terone ya kganya ya hao; hopola, o se ke wa roba selekane sa hao le rona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Hopola bahlanka ba hao, bo-Aborahama, le Isaka, le Iseraele, bao o neng o ba hlapanyetse ka lebitso la hao, wa re: ‘Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa lona di be kaalo ka dinaledi tsa lehodimo; le naha ena yohle, eo ke buileng ka yona, ke tla e nea ditloholo tsa lona, mme e tla ba ya lona kamehla yohle.’ ”
Enwa a re ho nna: “Wena ngwana motho, sebaka sena ke sa terone ya ka le sa bonamelo ba maoto a ka. Mona ke moo ke tla phela teng hara bana ba Iseraele kamehla. Baiseraele kapa dikgosi tsa bona ba ke ke ba hlola ba silafatsa lebitso la ka le halalelang, ba le silafatsa ka bootswa ba bona kapa ka ho epela ditopo tsa dikgosi tsa bona mabitleng a tsona.