Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 14:20 - BIBELE

20 Morena, re ipolela bokgopo, bokgopo ba rona; re bolela le molato, molato wa bo-ntata rona, hobane re fela re o sitetswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Oho Jehova, re itsebela bokgopo ba rona le molato wa bontata rona, hobane re nnile ra o sitelwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 14:20
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a re ho Nathane: “Ke sitetswe Morena.” Yaba Nathane o re ho Davida: “Le Morena o hlakotse sebe sa hao; ha o na ho shwa.


Hoba Davida a bale setjhaba, letswalo la hae la mo ja, yaba o re ho Morena: “Ke o sitetswe haholo ka seo ke se entseng. Empa jwale ke a o rapela, Morena: Ako hlakole bokgopo bona ba mohlanka wa hao, hobane ke sebeditse ka bothoto bo boholo.”


Bao e leng ditloholo tsa Iseraele ba ikgetholla ho baditjhaba bohle; ba ema, ba ipolela dibe tsa bona, le dibe tsa bo-ntata bona.


O tla binela batho, ebe o re ho bona: ‘Ke entse sebe, ka kgopamisa ho loka, empa sebe seo sa ka ha ke a se otlelwa.


Ka ba ka ipolela sebe sa ka ho wena, ka se ke ka pata molato wa ka; ka re: “Ke tla ipolela ditlolo tsa ka ho Morena;” wena wa ntshwarela molato wa sebe sa ka.


Oho, Morena, leha re qoswa ke dibe tsa rona, ako re thuse ka baka la lebitso la hao. Re kgelohile haholo, re fela re o sitetswe!


Dumela feela molato wa hao, Hore o fetohetse Morena, Modimo wa hao, rato la hao, wa le hafela medimo esele, wa le hafa o le tlasa difate di le talana; esita le nna ha o a ntlhompha,” ho rialo Morena.


A re paqameng fatshe ka dihlong tsa rona, sekgobo sa rona se re aparele, hoba re sitetswe Morena, Modimo wa rona, rona mmoho le bo-ntata rona; ho tloha botjheng ba rona ho fihlela kajeno, ha re a ka ra mamela Morena, Modimo wa rona.”


“Re sa duletseng? A re kgobokaneng bohle! A re tshabeleng metseng e haheleditsweng, lefu ha le fihla le re fumane moo! Morena Modimo o re abetse timelo, o tla re nwesa metsi a tletseng mahloko, hobane rona re sitetswe Morena.


Oho, Morena, bona ke tsielehile! Moya wa ka o ferekane haholo! Pelo ya ka e tshwenyehile haholo, hobane ke o fetohetse haholo! Diterateng sabole e a bolaya, ka matlung ho nkga lefu feela!


“Re sitilwe, ra ba ra kweneha, wena Morena ha o a re tshwarela.


Bo-ntata rona ba entse dibe, mme ba shwele, rona re ahlolelwa makgopo a bona.


“Jwale, Morena Modimo wa rona, wena ya neng a ntshe setjhaba sa hao naheng ya Egepeta ka letsoho la hao le matla, mme wa tumisa lebitso la hao ho fihlela kajeno, re entse sebe, re entse bokgopo.


Ha ditsie di kokonne naha yohle, ke ile ka howeletsa, ka re: “Morena Modimo, hauhela Jakobo hle! A ka phonyoha jwang? O sa le monyenyane haholo!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ