Jakobo 3:5 - BIBELE5 Le leleme le jwalo. Le hoja e le setho se senyenyane, empa le ka ithorisa ka tse kgolo. Bonang kamoo tlhase ya mollo e hotetsang moru o moholo kateng! အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)5 Ka mokgwa o jwalo, le lona leleme, leha e le sethwana se senyenyane, le ithorisa ka tse kgolo. Bonang, mollwana o monyenyane o ka tjhesa moru o mokakang! အခန်းကိုကြည့်ပါ။Baasraak Sotho NT5 Ka mokgwa o jwalo, leleme ke setho se senyenyane, mme le ithorisa ka tse kgolo. Bonang, mollo o monyenyane o hotetsa ntho e kgolo hakakang! အခန်းကိုကြည့်ပါ။Contemporary Southern Sotho Bible 20245 Ka mokgwa o jwalo, leleme ke setho se senyenyane, mme le ithorisa ka tse kgolo. Bonang, mollo o monyenyane o hotetsa ntho e kgolo hakakang! အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Yaba ba re: “Tloong, re loheleng Jeremia mano, hobane baprista ba tla nne ba be teng, ba re rute Molao; ba bohlale ba tla nne ba be teng, ba re eletse; le baporofeta ba tla nne ba be teng ho re bolella molaetsa. Tloong ke hona, re iqapeleng tseo re ka mo qosang ka tsona, re se ke ra natsa dipolelo tsa hae.”
Jwale, haeba le itokiseditse hore ha le utlwa ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se kgwele di leshome, le ha diphala, le mmino wa mefuta yohle, le tla itihela fatshe, le kgumamele setshwantsho seo ke se entseng, e tla ba ho lokile. Empa haeba le sa se kgumamele, le tla akgelwa hanghang kahara sebopi se tukang malakabe. Ebe modimo eo ya ka le namolelang matsohong a ka ke mang?”