Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 7:17 - BIBELE

17 “Wena le setjhaba sa hao, le ba ntlo ya ntatao, Morena o tla le tlisetsa nako e esong ho be teng ho tloha mohla ba morabe wa Efraime ba ikarolang ho ba morabe wa Juda. O tla tlisa kgosi ya Asiria.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ka morena wa Assiria Jehova o tla o hlahisetsa, wena le setjhaba sa hao, le ntlo ya ntatao, matsatsi ao a jwaloka wona a esong ho bonwe, haesale le mohla Efraime a kgaohaneng le Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 7:17
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, Morena a romela balaodi ba mabotho a kgosi ya Asiria, ba thopa Manase, ba mo kenya kgwathatha, ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, ba mo isa Babilona.


“Jwale, ka baka lena, wena Modimo wa rona, Modimo e moholo, ya matla, Ramatshabeho, ya bolokang selekane sa hae, ya hauhelang, tsietsi tsohle tse re hlahetseng o se ka di bebola: Tse hlahetseng kgosi tsa rona le mahosana a rona, baprista ba rona le baporofeta ba rona, bo-ntata rona le tjhaba sena sa hao sohle, ho tloha mehleng ya dikgosi tsa Asure, ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno!


“Na ha o eso lemohe seo batho baa ba se buileng, ba re: ‘Morena o boetse o lahlile malapa a mabedi ao a neng a a kgethile e leng Iseraele le Juda?’ Ka baka leo, ba nyedisitse setjhaba sa ka, hore ba se hlole ba se tadima e le setjhaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ