Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 66:17 - BIBELE

17 “Ba ikgalaletsang, ba itlhwekisang, ba itlhwekisetsa ho kgumamela medingwana, ho e kgumamela masimong, ba emeng kamora sefate se bohareng ba tshimo, ba jang nama ya dikolobe le ya ditweba, le tse manyala, bana ba tla timetswa kaofela,” ho rialo Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Haele ba ba ikgethelang medimo, ba itlhatswang lirapeng, e mong kamora e mong, ba jang nama ya kolobe, le dijo tse manyala, le ditweba, ba tla timela hammoho, ho bolela Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 66:17
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Motho ya matla o tla tshwana le twala, mosebetsi wa hae o tshwane le tlhase, motho eo a tjhe le mosebetsi wa hae, ho se be ya ka timang mollo oo.”


Bonang, tsatsi la Morena ke lena le a tla! Le tla ka sehloho le ka kgalefo, ka bohale bo tlokomang, le tla ho fetola lefatshe e be nanaola; ka tsatsi leo baetsadibe o tla ba timetsa.


Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo! Ha ke eso ka ke itshilafatsa! Ho tloha botjheng ba ka ho fihlela kajeno ha ke eso ka ke eja eng kapa eng e fumanwang e itjhweletse, kapa e harotswe ke dibatana. Ha ke eso ka ke eja nama e sesila.”


“ ‘Hara diphoofolo tse tsamayang hodima lefatshe, ho lona tsena ha di a hlweka: sele, le tweba, le bommampharwane ka mefuta ya bona;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ