Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 66:13 - BIBELE

13 Jwalokaha mosadi a bobisa ngwana wa hae, le nna ke tla le tshedisa jwalo, ke le tshedise le le Jerusalema.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jwaloka motho ya tshediswang ke mmae, ke tla le tshedisa jwalo, mme le tla tshediswa Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 66:13
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leleme la ka le kgomarele mahalapeng a ka, haeba ke sa o hopole, ke sa thabele Jerusalema, ke sa e thabele ho feta tsohle.


Ha pelo ya ka e touta haholo, matshediso a hao a hlabolla moya wa ka.


Mohla tsatsi leo, o tla re: “Oho, Morena, ke tla o boka, le hoja o ne o nkgalefetse; kgalefo ya hao e kgaoditse, wena o fela o ntshedisitse.


“Tshedisang setjhaba sa ka, se tshediseng,” ho rialo Morena.


Kgothatsang Jerusalema ka lerato, e bolelleng: Bokgoba ba yona bo fedile, sebe sa yona se tshwaretswe, Morena o e otletse sona haholo.


Lona mahodimo binang ka thabo, wena lefatshe nyakalla, lona dithaba binang ka nyakallo! Morena o tshedisa setjhaba sa hae, o hauhela tjhaba sa hae se tujwang.


“Nna, nna ke inotshi, ke nna ya le tshedisang. O mang wena o tshabang batho, dibopuwa tse shwang? O tshabang batho ba itshwanelang le jwang feela?


“E, Morena o tla utlwela Sione bohloko, a utlwele bohloko masupi wohle a yona, mafeella ao a a fetole a be jwaloka Edene, mahwatata a yona a be jwaloka rapa sa Morena. Thabo le nyakallo di tla fumanwa ho yona, ho utlwahale mantswe a pina tsa diteboho.


“Lona bohle ba ratang Jerusalema, thabang le nyakalle mmoho le yona; lona bohle ba e llelang, thabang haholo mmoho le yona.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata mehauhelo le Modimo wa matshediso wohle.


O re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, e le hore le rona re tle re tsebe ho tshedisa bohle ba matshwenyehong, ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.


le hoja re ka be re nnile ra le kgoka, kaha re le baapostola ba Kreste. Empa re ile ra ba bonolo ha re le hara lona, jwalokaha mosadi a baballa bana ba hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ