Isaia 65:25 - BIBELE25 Phiri le konyana di tla fula di le mmoho, tau e je jwang jwalokaha pohwana e bo ja, sehahabi sona se phele ka ho ja lehlabathe. Ha di ka ke tsa ntsha kotsi leha e le ho bolaya, hohlehohle thabeng ya ka, thabeng e halalelang,” ho rialo Morena. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)25 Phiri e tla fula hammoho le konyana, tau e tla fula jwang jwaloka kgomo, lerole e be dijo tsa noha; di ke ke tsa kgathatsa, leha e le ho senya thabeng ya ka yohle e halalelang: ho bolela Jehova. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ba tla tlisa bana babo lona bohle, ba ba tlise ba etswa ditjhabeng, ba ba tlise ho Morena e le nyehelo, ba ba tlise ba palame dipere, le kariki tsa ntwa le makoloi, ba ba tlise ba palame dimmeile le dikamele, ba ba tlise Jerusalema, thabeng ya ka e halalelang,” ho rialo Morena. “Ba tla ba tlisa sa bana ba Iseraele, ba tlisa nyehelo, ba e tlisa ka Tempeleng ya Morena, ba e tlisa e le ka janeng se hlwekileng.
Haeba ba hlajwa ke dihlong ka baka la tsohle tseo ba di entseng, o ba hlalosetse moralo wa Tempele, kamoo e hahilweng kateng: Menyako ya yona e tswelang kantle le e kenang kahare, le meralo ya yona yohle, le ditaelo tsa yona tsohle, le melao ya yona yohle. O ngole tsena tsohle moo ba ntseng ba bona, e le hore ba tle ba boloke ditaelo tsa yona tsohle, mme ba di phethe ka botshepehi.