Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 65:17 - BIBELE

17 “Bonang, ke bopa mahodimo a matjha le fatshe le letjha, dintho tsa kgale ha di sa tla hopolwa, ha di ka ke tsa hlola di sa nahanwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Hobane bonang, ke ya bopa mahodimo a matjha le lefatshe le letjha; tse fetileng ha di sa tla hlola di hopolwa, di ke ke tsa kgutlela mehopolong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 65:17
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Lebalang tsa kgalekgale, tse fetileng le se ke la di nahana.


Hopolang taba tsa boholoholo taba tsa kgale, ke nna Modimo, ha ho na e mong; ke nna Modimo, ha ho ya tshwanang le nna.


Dipolelo tsa ka di tla tswa molomong wa hao, ke o sireleditse ka moriti wa seatla sa ka, ke nna ya beileng mahodimo tulong tsa wona, ke nna ya radileng metheo ya lefatshe, ke nna ya reng ho Sione: ‘O setjhaba sa ka.’ ”


“Jwalokaha mahodimo a matjha le lefatshe le letjha, e leng dintho tseo ke tla di bopa, di tla ba kapele ho nna kamehla,” ho rialo Morena, “ditloholo tsa ona di tla hlola jwalo, le lona lebitso la lona le hlole jwalo.”


Hape Morena o re: “Matsatsing ao, etlare ha le eketseha, le anafala naheng eo, ebe batho ha ba sa bua ka areka ya selekane sa Morena! Ha ba sa tla bua ka yona kapa ba e hopole, kapa ba e hlolohelwe, mme ba ke ke ba etsa e nngwe hape.


Empa jwalokaha ho ngotswe, “Tseo leihlo le sa kang la di bona, tsebe e sa kang ya di utlwa, le kelello ya motho e sa kang ya di lekanya, ke tsona tseo Modimo a di lokiseditseng ba mo ratang.”


Ka tsela ena, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile, tse ntjha di hlahile.


Jwale mantswe ana, “hanngwe hape”, a bolela ho tloswa ha dintho tse ka sisinngwang, tse bopilweng, hore ho tle ho sale tse ke keng tsa sisinngwa.


Ka ho ya ka tshepiso ya Modimo, re lebeletse mahodimo a matjha le lefatshe le letjha, moo ho loka ho ahileng teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ