Isaia 65:16 - BIBELE16 Ya kopang tlhohonolofatso mona lefatsheng, o tla kopa ho hlohonolofatswa ke Modimo wa nnete; ya hlapanyang mona lefatsheng, o tla hlapanya ka Modimo wa nnete, hobane tsietsi tsa pele di tla be di lebetswe, le mahlong a ka di se di patehile.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)16 hore e mong le e mong ya ratang ho hlohonolofatswa lefatsheng, a rate ho hlohonolofatswa ka Modimo wa nnete, mme e mong le e mong ya tlang ho ana lefatsheng a ane ka Modimo wa nnete, mme e mong le e mong ya tlang ho ana lefatsheng, a ane ka Modimo wa nnete, hobane ditsietsi tsa pele di tla lebalwa, di patwe mahlong a ka. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Yaba ke bona diterone le ba dutseng hodima tsona, ba neilweng matla a ho ahlola. Ka bona le ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu, le ka baka la Lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebatana le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba fumanwa ba ena le letshwao la sona diphatleng le matsohong a bona. Ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste ka dilemo tse sekete.