Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 65:14 - BIBELE

14 Bahlanka ba ka ba tla bina, ba bine hobane pelo di nyakaletse; empa lona le tla lla, le lliswe ke pelo tse bohloko, le bokolliswe ke ho tubeha ha meya ya lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Bonang, bahlanka ba ka ba tla bina ka baka la thabo ya dipelo tsa bona, empa lona le tla lliswa ke bohloko ba pelo, le bokolle ke moya o swabileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 65:14
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya kgatheng la ho shwa o na ntlhohonolofatsa, mohlolohadi yena ke thabisa pelo ya hae.


Bona ba a rohakana, empa wena o a hlohonolofatsa; ba ntsohelang matla ba ke ba hlajwe ke dihlong, mohlanka wa hao yena a ke a thabe.


Lefatshe lohle le a o kgumamela, le a o roka, le roka lebitso la hao.”


Bokollang, tsatsi la Morena le se le le haufi! Le tla e le la timetso, le etswa ho Ya Matla wohle!


Ba tla howeletsa ka mantswe a phefa, ba binele Morena ya tlotlehang, ba howe haholo, ba howe ho tloha bophirimela.


Lona bohle ba besang mollo, le potapotwe ke ditlhase tsa wona, tsamayang leseding la mollo oo wa lona, hara tlhase tsa mollo o besitsweng ke lona. Seo le tla se amohela tsohong la ka, ke sena: Le tla paqama fatshe hara ditlokotsi.


Balopollwa ba Morena ba tla kgutla, ba kene Sione ba bina ka nyakallo, thabo ya kamehla yohle e be mefapahlooho ya bona, thabo le nyakallo di ba aperele, maswabi le masisapelo wona a ba tlohele.


Ha le bona tsena pelo tsa lona di tla nyakalla, le tlokome jwaloka jwang ha bo tlokoma. Bahlanka ba Morena ba tla tseba matla a hae, dira tsa hae tsona di bone kgalefo ya hae.


O atisitse setjhaba, thabo ya sona wa e eketsa, sa thaba pontsheng ya hao, jwalokaha batho ba thabela kotulo, ba thabela ho arolelana kgapo.


Morena o bua tjena: “Binelang Jokobo ka thabo, le mminele, binelang tjhaba se seholo hara ditjhaba. Utlwahatsang dithoko tsa lona, le re: ‘Oho, Morena, namolela setjhaba sa hao, masalla a tjhaba sa hao, tjhaba sa Iseraele.’


a tla ba lahlela seboping sa mollo, moo ho tla ba teng dillo le ditsikitlano tsa meno.


“Yaba kgosi e re ho basebeletsi: ‘Mo tlameng sekolokoto, le mo lahlele kantle lefifing, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno.’


empa bao e leng ba Mmuso oo ka tswalo ba tla lahlelwa kantle, lefifing, moo ho tla ba teng dillo le ditsikitlano tsa meno.”


“Teng ho tla ba le seboko le ditsikitlano tsa meno, ha le bona Aborahama, le Isaka, le Jakobo, le baporofeta bohle Mmusong wa Modimo, empa lona le lahlelwa kantle.


Mamelang, lona barui, bokollang, le llele bosoto bo tlang ho le wela hodimo.


Na hara lona ho teng motho ya mathateng? A ke a rapele. Na ho teng ya thabileng? A ke a bine difela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ