Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 65:10 - BIBELE

10 Metebo ya dikgutshwane e tla hlongwa Sharone, kgohlong ya Akore makgomo a bothe teng, e le mehlape ya tjhaba sa ka, tjhaba se mpatlang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Lehwatata la Sharone e tla ba meraka ya manku, kgohlo ya Akore e be makgulo a makgomo a setjhaba sa ka se mpatlileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 65:10
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Shiterai wa Mosharone o ne a hlokomela dikgomo tse neng di le metebong e Sharone; Shafate, mora wa Adelai, o ne a hlokomela dikgomo tse neng di le ka dikgohlong.


Ba morabe wa Gade ba ne ba ahile Gileade e Bashane, le metsaneng ya yona, le makgulong wohle a naha ya Sharone, ho ya fihla moo e fellang teng.


Naha e omeletse, e ponne, Lebanone e swabile, e a pona, Sharone e fetohile lehwatata, Bashane le Karamele di hlohloreha mahaba.


Hwatata le tla thunya haholo, le bine ka thabo, le fumane tlotla e kang ya Lebanone, botle e ke ba Karamele le ba Sharone; batho ba tla bona tlotla ya Morena, ba bone le botle ba Modimo wa rona.


“Lona ba labalabelang ho loka, mmameleng, le lona ba batlang Morena: Tadimang lefika leo le kgephotsweng ho lona, le morafo oo le tjhekilweng ho wona.


“Batlang Morena ha a sa ntse a ka fumanwa, ipiletseng ho yena a sa le haufi;


Le tla mpatla, mme le mphumane, haeba le mpatla ka dipelo tsa lona tsohle.


“Morena wa mabotho a bua tjena: Naheng ena eo e leng nanaola, e se nang batho leha e le diphoofolo, le metseng yohle ya yona, ho tla boela ho eba le metebo, moo badisa ba tla bothisa mehlape ya bona teng.


Ke tla busetsa Baiseraele makgulong a bona, ba fule Karamele, ba fule le Bashane; ba fule thabeng ya Efraime, ba fule le Gileade, di ba fepe di be di ba kgorise.


Moo teng ke tla mmuseletsa, ke mmuseletse dirapa tsa morara, kgohlo ya Akore ke e etse monyako wa tshepo. Teng o tla tsanyaola, a tsanyaole sa botjheng ba hae, sa mohla a neng a nyoloha Egepeta.


Baahi bohle ba Lida le Sarone ba mmona, mme ba sokolohela ho Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ