Isaia 63:5 - BIBELE5 Ka qamaka kahohle, empa ka hloka mothusi, ka makala haholo ha ke bona ho se motshehetsi; yaba tsa pholoho ke di sebetsa ka letsoho la ka, kgalefo ya ka ya eba yona motshehetsi wa ka. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)5 Ke tadimile ke hona, mme ka hloka mothusi; ka makala ha ke hlokile ya nkemelang. Ke moo letsoho la ka le nthusitseng le kgalefo ya ka e nkemetseng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“Ke hobaneng ha ke fihla ke fumaneng ho se na motho? Yare ha ke bitsa ka hloka ya nkarabang? Na tsoho la ka le fokola hoo nke keng ka le lopolla? Na ke hloka matla a ho le namolela? Bonang! ha ke kgalema ke pshesa metsi a lewatle, dinoka tsona ke di fetole lehwatata; tlhapi tse phelang nokeng tseo di nkge, di re phu! di hloke metsi, di be di shwe ke lenyora.