Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 62:9 - BIBELE

9 Ba kotulang mabele ke bona ba tla a ja, ba a je, ebe ba rorisa Morena; ba kgang morara ke bona ba tla nwa veine, ba e nwelle mabaleng, mabaleng a Sehalalelo sa ka.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Empa ba kotulang koro, ba tla e ja ba ntse ba boka Jehova, mme ba kgileng ditholwana tsa veine, ba tla e nwa mabaleng a sehalalelo sa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 62:9
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le senyetsang tjhelete ka tseo e seng bohobe? Dintho tse sa kgotsofatseng, keng ha le di sebeletsa ka thata? Mmameleng ka hloko, le je tse molemo, meya ya lona e ithabise ka tse monate.


Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: “Bahlanka ba ka ba tla kgora, empa lona le tla lapa; bahlanka ba ka ba tla nwa, empa lona le tla nyorwa; bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lona le tla swaba.


Ba tla haha matlo, mme ba phele ho wona; ba tla lema morara, ba je tholwana tsa wona.


Ha ba sa tla haha matlo, ebe ho wona ho phela basele; ha ba sa tla hlola ba lema, ebe jwale ho ja basele; tjhaba sa ka se tla phela halelele, se phele halelele jwalokaha sefate se phela, bakgethwa ba ka ba je ditholwana, ba je tholwana tsa matsoho a bona.


Thabeng tsa Samaria o tla boela o lema morara, balemi ba o leme, ba je tholwana tsa wona.


A metha difahleho tsa marako a arolang dikamore tsa balebedi kahare ho kgoro: Ya eba dimethara tse mashome a mararo. Ho ne ho methwa ho ya fihla lethuleng le kapele ho lebala.


Lona le tla ja le be le di shebe feela, le nto boka Morena Modimo wa lona, yena ya le etseditseng tse kgolo. Tjhaba sa ka se ke ke sa hlola se tlontloloha!


“Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ha o ka tsamaya ditseleng tsa ka, wa mamela ditaelo tsa ka, o tla okamela Tempele ya ka le mabala a yona, mme o tla ba mosebeletsi jwaloka banna bana ba emeng mona.


Le tla thaba kapele ho Morena Modimo wa lona; lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Molevi ya kahara metse ya lona, hobane ha a na seabo kapa lefa jwaloka lona.”


Le di jelle moo, kapele ho Morena Modimo wa lona. Wena le ba ntlo ya hao le tla thabiswa ke tsohle tseo le di sebetsang, tseo Morena Modimo wa lona, a le hlohonolofaditseng ka tsona.


Le thabe kapele ho Morena Modimo wa lona: lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Balevi ba ahileng kahara metse ya lona, le bajaki, le dikgutsana, le bahlolohadi ba hara lona, le le sebakeng se tla kgethwa ke Morena Modimo wa lona, hore a dule ho sona.


Le thabe moketeng ona wa lona: Lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Balevi, le bajaki, le dikgutsana, le bahlolohadi ba ahileng kahara metse ya lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ