Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 62:8 - BIBELE

8 “Morena o hlapantse ka tsoho le letona la hae, a hlapanya ka matla a tsoho la hae, a re: ‘Ruri ha nka ke ka hlola ke fana ka mabele a hao, ke a nea dira tsa hao hore e be dijo tsa tsona; baditjhaba ha ba ka ke ba hlola, ba enwa veine ya hao, veine eo o e sebeleditseng ka thata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jehova o hlapantse ka le letona la hae, ka letsoho la hae le matla, a re: Ha ke sa tla hlola ke neela dira tsa hao koro ya hao hore e be dijo tsa tsona, mme baditjhaba ha ba sa tla hlola ba enwa veine ya hao eo o itshebeleditseng yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 62:8
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Naha ya lona e hloka baahi, metse ya lona e tjhesitswe ke mollo, baditjhaba ba jesa masimo a lona, le ntse le ba bona, baditjhaba ba sentse naha ya lona.


Ke hlapantse ka nna, molomo wa ka o buile ka ho loka, lentswe la ka le ke ke la fetohelwa. Mangwele wohle a tla nkgumamela, maleme wohle le wona a ikane ka nna.


“Ho nna tsena di tshwana le tsa mehleng ya Nowe, ha ke ne ke hlapanya ke re: Morallo o ke ke wa eba teng hape; kahoo ke hlapanya hore nke ke ka hlola ke o halefela, nke ke ka hlola ke o kgalema.


Le senyetsang tjhelete ka tseo e seng bohobe? Dintho tse sa kgotsofatseng, keng ha le di sebeletsa ka thata? Mmameleng ka hloko, le je tse molemo, meya ya lona e ithabise ka tse monate.


Morena a bona hore ha ho na motho, a makala ha a bona ho se ya kenang dipakeng; ka matla a hae a hlola dira tsa hae, ho loka ha hae ha mo tshehetsa.


Thabeng tsa Samaria o tla boela o lema morara, balemi ba o leme, ba je tholwana tsa wona.


Se tla ja dijalo le dijo tsa hao, se je bara le baradi ba hao; se je mehlape ya dikgutshwane le ya dikgomo, se je morara le feiye ya hao. Metse e hahetsweng marako, eo o e tshepang, e tla timetswa ka sabole, e timetswe ke sera seo.


o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Mohla ke neng ke kgetha Iseraele, ke ile ka hlapanyetsa ditloholo tsa ntlo ya Jakobo, ka ba ka iponahatsa ho tsona ha di le naheng ya Egepeta. Ka bua le tsona ke phahamisitse letsoho la ka, ka re: “Ke nna Morena Modimo wa lona.”


le nna ke tla etsa jwalo ho lona, ke le hlorise ka lefu la lefuba, le la feberu le foufatsang, le le fedisang. Le tla lemela ntataselala, hobane dira tsa lona di tla ja dijalo tsa lona.


Ke tla kgutlisa tjhaba sa ka sa Iseraele, ke kgutlise tjhaba sa ka bothopuweng; se tla tsosa metse e se e le masupi, se e tsose, se phele ho yona. Se tla lema dirapa tsa morara, se di leme, se nwe veine ya wona; se tla lema dirapa, se je tholwana tsa tsona.


“O tla nyala mosadi, empa o tla robalwa ke monna e mong. O tla haha matlo, empa o ke ke wa phela ka ho wona. O tla lema dirapa tsa morara, empa o ke ke wa ja ditholwana tsa tsona.


Pholo ya hao e tla hlajwa o ntse o e bona, empa o ke ke wa ja nama ya yona. O tla amohuwa tonki ya hao ka mahahapa, mme e ke ke ya hlola e kgutlisetswa ho wena. Nku ya hao e tla newa dira tsa hao, empa ha ho ya tla o namolela.


Ditholwana tsa naha ya heno, le matla wohle a hao, tsena di tla jewa ke setjhaba seo o sa se tsebeng, empa wena o tla hatellwa, o robokelwe kamehla.


Ke supa hodimo, ke a ikana, nna ya phelang kamehla ke a hlapanya:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ