Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 62:5 - BIBELE

5 Jwalokaha mohlankana a nyala morwetsana, bara ba hao le bona ba tla o nyala; jwalokaha monyadi a thabela monyaduwa, Modimo wa hao le yena o tla o thabela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hobane jwalokaha mohlankana a nyala morwetsana, bara ba hao ba tla o nyala; mme jwaloka ha monyadi a thabela monyaduwa, Modimo wa hao o tla o thabela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 62:5
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tswang ka matlung, lona baradi ba Sione, tswang le bone kgosi Solomone o rwetse moqhaka, moqhaka a o rwesitswe ke mmae mohla lenyalo, mohla thabo e kgaphatsehang pelong ya Solomone.


Tloha le nna Lebanone, monyaduwa wa ka, tloha le nna Lebanone! Theoha tlhorong ya Amana, o theohe tlhorong ya Senire le ya Heremone, o tlohe dilaong tsa ditau, thabeng tseo mangau a phelang ho tsona.


Ha o ka ke wa hlola o bitswa Molahluwa, kapa naha ya hao e bitswe Nanaola; empa o tla bitswa Monnyakalatsi, naha ya hao e bitswe Monyaduwa, hobane Morena o thabiswa ke wena, naha ya hao e tla ba mohatsa Morena.


Ke tla nyakallela Jerusalema, tjhaba sa ka le sona ke se thabele. Ha ho sa tla utlwahala dillo Jerusalema, leha e le mehoo ya ba ditsietsing.


Ke tla thabiswa ke ho se etsetsa tse molemo. Ke tla se tsitsisa naheng ena ka pelo ya ka yohle le ka moya wa ka wohle.


Ke tla o nyala o be wa ka kamehla, ke o nyale ka toka le ka ho loka, ka lerato le ka kutlwelobohloko.


“Mohla tsatsi leo ke tla araba,” ho rialo Morena, “ke tla arabela mahodimo, mahodimo wona a arabele lefatshe.


Morena Modimo wa hao, o na le wena, ke senatlahadi se tla o lwanela. O tla o thabela ka nyakallo, a o rate ka lerato la sebele, a howeletse, a o hlabele medidietsane, a e hlabe sa mohla tsatsi la mokete.”


“Ditjhaba tsohle di tla re le lehlohonolo hobane naha ya lona e tla kgahleha haholo,” ho rialo Morena wa mabotho.


Re tadimeng ho Jesu, moqadi le mophethahatsi wa tumelo ya rona. Ke yena eo, ka baka la thabo eo a neng a e lebeletse, a ileng a mamella mahloko a sefapano, a se ke a natsa ho tlontlollwa ka sona, mme jwale o dutse ka letsohong le letona la terone ya Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ