Isaia 62:4 - BIBELE4 Ha o ka ke wa hlola o bitswa Molahluwa, kapa naha ya hao e bitswe Nanaola; empa o tla bitswa Monnyakalatsi, naha ya hao e bitswe Monyaduwa, hobane Morena o thabiswa ke wena, naha ya hao e tla ba mohatsa Morena. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)4 Ha o sa tla hlola o bitswa Motlohelwa, naha ya hao e ke ke ya nna ya bitswa Nahathothe; empa o tla bitswa Moratuwa, lefatshe la hao le bitswe Monyaduwa, hobane Jehova o thaba ka wena, mme lefatshe la hao le tla bona monyadi. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Lebitso la motse ona le tla nthabisa, e be thoriso le tlotla ho ditjhaba tsohle tsa lefatshe, tse tlang ho utlwela tsohle tse molemo, tseo ke di etseditseng motse ona. Ditjhaba tseo di tla tshaba, di thothomele ka baka la tsohle tse molemo, le ka baka la nala yohle, e leng tseo ke di etseditseng motse ona.