Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 62:11 - BIBELE

11 Morena o entse phatlalatso, a e etsa ho ya fihla dipheletsong, pheletsong tsa lefatshe: “Bolellang moradi wa Sione, le re: ‘Mopholosi wa hao o sa le tseleng, o tla a nkile moputso wa hae, phetetso ya hae e mo eteletse pele.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Bonang, Jehova o tsebisa dipheletso tsa lefatshe taba ya ho re: Bolellang moradi wa Sione, le re: Bona, Mmoloki wa hao o a fihla; bona, o na le moputso wa hae, pheelo ya hae e mo eteletse pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 62:11
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo ke mopholosi wa ka, ke tla mo tshepa, mme ke se ke ka tshaba; Morena ke matla a ka, ke pina ya ka, Morena o fetohile mopholosi wa ka.”


O lebetse Modimo, Mopholosi wa hao, ha o a hopola Lefika, qhobosheane ya hao, kahoo leha o ka lema difate tse ntlentle, wa lema le morara o tswang mafatsheng a mang;


Binelang Morena sefela se setjha, mo tlotliseng ho tloha pheletsong tsa lefatshe, lona ba sesisang dikepe lewatleng, le dibopuwa tsohle tse phelang lewatleng, lona dihlekehleke, le bohle ba phelang ho tsona.


Ho loka ha ka ke ho tlisa haufi, ebile ha ho sa le hole haholo, ho pholosa ha ka ho ke ke ha dieha. Sione ke tla e pholosa, Iseraele ke e tlotlise.


Tswang Babilona, le balehe Bakalatiya! Phatlalatsang tsena ka mehoo ya thabo, le di phatlalatse ho ya pheletsong tsa lefatshe, le re: “Morena o lopolotse Jakobo, mohlanka wa hae.”


Yaba nna ke re: “Ke sebeleditse lelea, ka fufulellwa ntata selala. Empa se ntshwanelang se ka atleng sa Morena, moputso wa ka o ho Modimo wa ka.”


Jwale Morena o re: “Ke nthwana e fokolang hore o be mohlanka wa ka, o kgutlise merabe ya Jakobo, o kgutlise bana ba Iseraele bao ke ba babaletseng. Ke tla o etsa lesedi ho baditjhaba, o tlo fihlise ho pholosa ha ka pheletsong tsa lefatshe.”


Ho loka ha ka ho se ho atametse, ho pholosa ha ka ho se ho le tseleng, toka e tla tlisetswa ditjhaba ke letsoho la ka. Ba dihlekehlekeng ba tla ntebella ka tjheseho, ba lebelle ka tshepo ho sireletswa ke tsoho la ka.


“Mopholosi o tla tla Sione, a tle ho ba Jakobo ba bakelang dibe tsa bona,” ho rialo Morena.


Wena Moradi wa Sione nyakalla haholo! Wena Moradi wa Jerusalema etsa ditlatse! Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena; e lokile, e tlisa topollo, e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki.


“Bolellang moradi wa Sione: Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki.”


A re ho bona: “Eyang lefatsheng lohle, le phatlalletse dibopuwa tsohle molaetsa o molemo.


“Se tshabe, moradi wa Sione: bona, Kgosi ya hao e a tla, e palame petsana ya tonki.”


Leha eba ba bang ba lona ba ka lelekelwa dibakeng tse holehole tsa lefatshe, Morena Modimo wa lona, o tla ba phutha hona moo, mme a ba late hona teng.


“Bona, ke tla tla kapele, ke tlise moputso ho o nea motho ka mong ho ya kamoo a sebeditseng kateng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ