Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 61:7 - BIBELE

7 Kaha dihlong tsa lona di phetahane habedi, ho songwa le mahlapa e bile kabelo ya lona, leruo la naha ya lona le tla eketseha habedi, thabo ya lona e be ya kamehla le mehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Bakeng sa maswabi ao le bileng le wona, le tla sitswa habedi; bakeng sa nyatso, ba tla thabela kabelo ya bona; hobane ba tla abelwa habedi naheng ya bona, mme ba tla nne ba thabe ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 61:7
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ba se ba tshetse, Elia a re ho Elisha: “Kopa seo o ratang hore ke o etsetse sona ke eso tloswe ho wena.” Elisha a re: “Ke a o rapela: Ako nnee karolo ya matla a hao, ke tle ke be mohlahlami wa hao.”


Hoba Jobo a rapelle metswalle ya hae, Morena a boela a mo atlehisa. Tsohle tseo a neng a ena le tsona Morena a mmuseletsa tsona habedi.


Ba ileng ba jala ka dikgapha, ba tla kotula ka ditlatse.


O tla mpontsha tsela ya bophelo; thabo e kgaphatsehang e fumanwa ho wena, ho ba ka tsohong la hao le letona ke monyaka o sa feleng.


Balopollwa ba Morena ba tla kgutla ka yona, ba kene Sione ba bina ka nyakallo, thabo ya kamehla e be mefaphahlooho ya bona, thabo le nyakallo di ba aperele, maswabi le masisipelo wona a ba tlohele.


Kgothatsang Jerusalema ka lerato, e bolelleng: Bokgoba ba yona bo fedile, sebe sa yona se tshwaretswe, Morena o e otletse sona haholo.


Balopollwa ba Morena ba tla kgutla, ba kene Sione ba bina ka nyakallo, thabo ya kamehla yohle e be mefapahlooho ya bona, thabo le nyakallo di ba aperele, maswabi le masisapelo wona a ba tlohele.


“O se ke wa tshaba, o ke ke wa hlajwa ke dihlong, se tshabe ho tlontloloha, o ke ke wa nyenyefatswa. O tla lebala dihlong tsa botjha ba hao, ho nyediswa ha bohlolohadi ba hao, ha o sa tla hlola o ho hopola.


“Le hoja o no furaletswe, o bile o hloilwe, ho se na motho ya keng a o tjhakele, ke tla o etsa ya kgabane kamehla yohle, ya tla thabisa e mengatangata meloko.


Tjhaba sa hao sohle e tla ba sa ba lokileng, naha e be lefa la sona la kamehla yohle, e be lehlomela le hlomilweng ke nna, e be mosebetsi wa matsoho a ka, oo ke tlotliswang ka wona.


Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: “Bahlanka ba ka ba tla kgora, empa lona le tla lapa; bahlanka ba ka ba tla nwa, empa lona le tla nyorwa; bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lona le tla swaba.


Mohla tsatsi leo ke tla otla, ke otle bohle ba o hateletseng; ke tla pholosa ba holofetseng, ke phuthe ba neng ba qhalakane. Hohle moo ba neng ba tlontlolotswe teng, thabo le tlotla di tla ba aparela.


“Tjhai e tla ba kgolo, morara o behe haholo, mobu o atlehise dijalo, mahodimo a nese pula e ngata. Ke tla sitsa masalla a setjhaba sena ka dintho tsena tsohle.


Lona bathopuwa ba nang le tshepo, kgutlelang qhobosheaneng ya lona; e sa le jwale ke se ke le tsebisa: Ke tla le buseletsa tsohle habedi.


“Jwale bana ba tla ya tlhokofatsong e sa feleng, ha ba lokileng ba eya bophelong bo sa feleng.”


Matshwenyeho a rona a bobebe, ke a motsotswana, a re tlisetsa tlotla e kgolohadi, e sa feleng.


O tla ananela mora wa matsibolo, wa mosadi ya hloilweng, a be a mo nee diabo tse pedi tsa dintho tsohle tseo a nang le tsona, hobane ke mora wa hae wa matswathaka, mme ditokelo tsa mora wa matsibolo ke tsa hae.”


Morena wa rona Jesu Kreste ka sebele, le Modimo Ntata rona ya re ratileng, eo mohaung wa hae a re fileng tshediso e sa feleng le tshepo e tiileng,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ