Isaia 60:6 - BIBELE6 “Boiyane ba dikamele bo tla putukana ho wena, mekoloko ya dikamele e tswang Midiane le Efa; Basheba bohle ba tla tlisa kgauta le mokubetso, ba bine thoko tsa Morena, ba mo tumise. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)6 O tla kwahelwa ke bongata ba dikamele le ba dipetsana tsa tsona tsa Midiane le tsa Efa; bohle ba Seba ba tla tla ba belesitse kgauta le dibano, mme ba tla tumisa dithoko tsa Jehova. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ha mofumahadi wa Sheba a utlwa botumo ba Solomone, a tla Jerusalema ho nonya Solomone ka dipotso tse thata. O ne a ena le phiphitha ya balatedi; ho ena le dikamele tse belesitsweng dinoko, le kgauta e ngata, le mahakwe a bohlokwa. Ha a fihla ho Solomone a mmotsa dipotso tsohle tseo a neng a ena le tsona.
Bona ke boporofeta malebana le dibatana tsa naha e ka Borwa: Naheng ya ditsietsi le ya mahlomola, naheng ya ditau le ditauhadi, ya bo-marabe le ya noha tse mahloko, tse tjhalametsang, maqosa a belesitse maruo a wona hodima ditonki, matlotlo a wona hodima dilota tsa dikamele, a a isetsa tjhaba sena se se nang thuso,
Ke dikepe tse bokanang mabopong, mabopong a dihlekehleke, dikepe tseo batsamaisi ba tsona ba ntebeletseng, dikepe tsa Tarashishe di di eteletse pele, di tlisa bara ba hao ba tswang holehole, ba tlang ba kakatetse silefera le kgauta ya bona, ho tla tlotlisa Morena, Modimo wa hao, e leng Ya Halalelang wa Iseraele, hoba ke yena ya o tlotlisitseng.