Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 60:20 - BIBELE

20 Tsatsi la hao ha le ka ke la hlola le sa dikela, kgwedi ya hao ha e ka ke ya hlola e eya fifing; hoba Morena e tla ba lesedi la hao, sedi la kamehla yohle, tshiu tsa bofifi ba hao le tsona di fele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Letsatsi la hao ha le sa tla hlola le dikela, le kgwedi ya hao ha e sa tla hlola e fifala, hobane Jehova e tla ba lesedi la kamehla ho wena, mme matsatsi a hao a ho lla etlaba a fetile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 60:20
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pesalema ya Davida. Morena ke lesedi la ka le pholoho ya ka; nka tshaba mang? Morena ke setshabelo sa bophelo ba ka; nka tshoha mang?


Letsatsi le le leng le hlolwang mabaleng a hao, le molemo ho feta a sekete a hlolwang hosele. Ke rata ho ba monyako wa ntlo ya Modimo wa ka, ho ena le ho phela metlotlwaneng ya ba kgopo.


Kgwedi e tla fifala, tsatsi le ipate sefahleho, ha Morena wa mabotho a busa Sione le Jerusalema, baholo a ba senolela tlotla ya hae.


Morena Modimo o tla fedisa lefu, le felle ruri, a hlakole meokgo fahlehong tsa batho bohle, a tlose dihlong tjhabeng sa hae fatsheng lohle, hobane Morena o buile jwalo.


Oho, lona setjhaba sa Sione, lona ba ahileng Jerusalema, le ke ke la hlola le sa lla. Ha le ka ipiletsa ho yena, o tla le hauhela; hanghang ha a utlwa sello sa lona o tla le araba.


Ngwedi e tla lekana le lesedi la letsatsi, lesedi la letsatsi lona le lekane le lesedi la matsatsi a supileng. Tsena di tla etsahala ka letsatsi leo ka lona Morena a tlamellang maqeba a setjhaba sa hae, a fodisang le matetetso a sona.


Balopollwa ba Morena ba tla kgutla ka yona, ba kene Sione ba bina ka nyakallo, thabo ya kamehla e be mefaphahlooho ya bona, thabo le nyakallo di ba aperele, maswabi le masisipelo wona a ba tlohele.


Balopollwa ba Morena ba tla kgutla, ba kene Sione ba bina ka nyakallo, thabo ya kamehla yohle e be mefapahlooho ya bona, thabo le nyakallo di ba aperele, maswabi le masisapelo wona a ba tlohele.


“Tsoha, phatsima, hobane sedi la hao le tlile, tlotla ya Morena e phatsima hodima hao.


ho nea ba Sione ba leng bofifing moqhaka o kgabane bakeng sa molora, ole ya thabo bakeng sa bofifi, seaparo sa thoriso bakeng sa maswabi, ba tle ba bitswe fate tsa ho loka, tse lenngweng ke Morena hore a tle a tlotliswe.


Ke tla nyakallela Jerusalema, tjhaba sa ka le sona ke se thabele. Ha ho sa tla utlwahala dillo Jerusalema, leha e le mehoo ya ba ditsietsing.


Ba tla tla ba bine ba le hodima Sione, ba thabele bongata ba dimpho tsa Morena, e leng koro le veine le ole, le dikonyana, le dipotsanyane le manamane. Ba tla tshwana le serapa se nwesetswang hantle, ba ke ke ba hlola ba eba le mahlomola.


Re kgutlisetse ho wena Morena, re tla kgutla, ntjhafatsa tshiu tsa rona di be jwaloka pele.


“Mohlang oo,” ho rialo Morena Modimo, “Ke tla diketsa letsatsi hara mpa motsheare, fifi le kwahele lefatshe motsheare o moholo.


E tla ba letsatsi le sa tshwaneng le a mang, letsatsi le tsejwang ke Morena feela, letsatsi le se nang nyene kapa bosiu. Ka phirimana kganya e tla nne e be teng.


Ha e le lona ba hlomphang lebitso la ka, letsatsi la ho loka le tla le tjhabela ka mahlasedi a lona a fodisang. Lona le tla tswa, le thale jwaloka manamane a buletsweng ka sakeng.


Motse ha o hloke letsatsi kapa kgwedi ho o bonesetsa, hobane tlotla ya Modimo e a o kgantshetsa, mme lebone la wona ke Konyana.


O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, esita le mahlomola, kapa dillo, kapa bohloko, hobane tsa kgale di fetile.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ