Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 60:17 - BIBELE

17 Bakeng sa lethose ke tla o tlisetsa kgauta, bakeng sa tshepe ke o tlisetse silefera; bakeng sa lehong ke tla o tlisetsa lethose, ke o tlisetse tshepe bakeng sa majwe a moralla. Ke tla etsa hore kahohle kgotso e rene, ho loka e be yena mmusi wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ke tla tlisa kgauta bakeng sa koporo, silefera bakeng sa tshepe, le koporo bakeng sa lehong, le tshepe bakeng sa majwe, mme ke tla o fa kgotso e be mmusi wa hao, mme ho loka e be moahlodi wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 60:17
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Fatshe ho Tempele le ho Sehalalelo a maneha kgauta.


O entse hore kgotso e be teng meeding ya hao, a o kgorisa ka koro e atlehileng.


Dithaba di ke di tlise kgotso, di e tlisetse setjhaba, le wona maralla a se tlisetse ho loka.


Ke tla o kgutlisetsa baahlodi ba kang ba pele, le baeletsi ba kang ba mehleng ya kgale; kamorao ho tseo o tla bitswa motse wa toka, o bitswe motse o tshepahalang.


Ngwedi e tla lekana le lesedi la letsatsi, lesedi la letsatsi lona le lekane le lesedi la matsatsi a supileng. Tsena di tla etsahala ka letsatsi leo ka lona Morena a tlamellang maqeba a setjhaba sa hae, a fodisang le matetetso a sona.


Moo ho metseng leoka ho tla mela modutu, moo ho metseng hlabahlabane ebe ho mela mohlakola. Tsena ke tsona tse tla tumisa Morena, e be pontsho ya kamehla yohle, e ke keng ya fediswa.”


O tla anya lebese la baditjhaba, o anye matswele a dikgosi tsa bona, o tsebe hore nna Morena, ke Mopholosi wa hao, Molopolli wa hao, Ya Matla wa Jakobo.


Lerata la dintwa ha le sa tla utlwahala, naheng ya hao, leha e le tshenyo le nanaola meeding ya hao; marako a hao o tla a rea lebitso la Topollo, kgoro tsa hao tsona o di ree la thoriso.


“E tla hlahlangwa ke kgosi e nngwe, e tla romela mmokelli wa lekgetho, e le hore leruo la mmuso wa yona le tle le eketsehe. Empa kamora nakwana kgosi eo e tla bolawa ka sekgukgu, e seng ntweng.”


‘Silefera ke ya ka, le yona kgauta ke ya ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Mohla tsatsi leo, Morena o tla sireletsa baahi ba Jerusalema, e le hore ba fokolang haholo hara bona ba tle ba be jwaloka Davida, le ntlo ya Davida e be jwaloka Modimo, jwaloka lengeloi la Morena le ba etellang pele.


Kaha Modimo a ne a re reretse tse molemo ka ho fetisa, ba ne ba ke ke ba etswa ba phethehileng, rona re le siyo.


Ka ho ya ka tshepiso ya Modimo, re lebeletse mahodimo a matjha le lefatshe le letjha, moo ho loka ho ahileng teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ