Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 60:13 - BIBELE

13 “Tlotla ya Lebanone e tla tliswa ho wena: Difate tsa modutu le tsa phaene, le tsa kiperese, tsena di tla tliswa ho kgabisa sehalalelo sa ka, mme ke tla tlotlisa Tempele eo ke ahileng ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Bokgabane ba Lebanone bo tla tla ho wena; le kiprese le pine le fire hammoho, ho tle ho kgabiswe ka tsona nqalo ya sehalalelo sa ka, mme nqalo ya maoto a ka e etswe e kganyang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 60:13
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale kgosi Davida a ema, a re: “Mmameleng, lona bana beso, le setjhaba sa heso. Ke ne ke ena le maikutlo a ho hahela areka ya selekane sa Morena Tempele, eo e tla dula ka ho yona, le moo Modimo wa rona a tla namela teng, mme ke se ke entse ditokiso tsa ho e haha.


“Ka baka lena, monga ka a ke a romele koro, le harese, le veine, le ole, e leng tseo a buileng ka tsona, ho rona bahlanka ba hae.


Yaba Esera o re: “Ho bokwe Morena Modimo wa bo-ntata rona, ya rutileng kgosi hore e lakatse ho kgabisa Tempele ya Morena e Jerusalema,


A re keneng ka Leahong la hae, re itihele kapele ho yena.


O eteletswe pele ke tlotla le botlotlehi, matla le kganya di Sehalalelong sa hae.


Phafang Morena, Modimo wa rona, le itihele bonamelong ba maoto a hae: O a halalela.


Hwatata le tla thunya haholo, le bine ka thabo, le fumane tlotla e kang ya Lebanone, botle e ke ba Karamele le ba Sharone; batho ba tla bona tlotla ya Morena, ba bone le botle ba Modimo wa rona.


Moo ho metseng leoka ho tla mela modutu, moo ho metseng hlabahlabane ebe ho mela mohlakola. Tsena ke tsona tse tla tumisa Morena, e be pontsho ya kamehla yohle, e ke keng ya fediswa.”


Mehlape yohle ya Kedare e tla phuthwa, e tliswe ho wena, dipheleu tsa Nabajota di tla o sebeletsa, di etswe nyehelo e amohelehang aletareng ya ka, ebe Tempele ya ka ke e tlotlisa haholo.


Morena o bua tjena: “Lehodimo ke terone ya ka, lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka. E kae ntlo eo ba nkgahelang yona? Se kae sebaka seo ke tla phomola ho sona?


Ha ke fihla lebopong moo, ka bona difate tse ngata, tse metseng mabopong a noka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ