Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 6:7 - BIBELE

7 Sa ama molomo wa ka ka lona, sa re: “Leshala lena le amme molomo wa hao! Molato wa hao o tlositswe, mme o tshwaretswe sebe sa hao.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Sa ama molomo wa ka ka lona, sa re: Leshala lena le amile melomo ya hao; jwale, bokgopo ba hao bo tlositswe, sebe sa hao se phekotswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 6:7
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgothatsang Jerusalema ka lerato, e bolelleng: Bokgoba ba yona bo fedile, sebe sa yona se tshwaretswe, Morena o e otletse sona haholo.


Nna, nna ke inotshi, ke hlakola ditshito tsa hao, ke di hlakola ka baka la ka, ha ke sa hlola ke hopola dibe tsa hao.


Ho ratile Morena hore a tetetswe, a hlokofatswe, bophelo ba hae e be nyehelo e tlosang sebe; kahoo o tla bona ditloholo tsa hae, matsatsi a bophelo ba hae a lelefale, thato ya Morena e atlehiswe ke letsoho la hae.


O ila hlajwa ka baka la ditshito tsa rona, a tetetswa ka baka la dibe tsa rona, kotlo e re tlisetsang kgotso ya mo wela hodimo, ra fodiswa ke maqeba a hae.


Rona bohle re tshwana le dinku tsa malahleha, motho ka mong o iketse ka tselana ya hae, Morena o mmelesitse makgopo a rona bohle.


ke etse hore maleme a bona a bine dithoko: ‘Kgotso, kgotso ho ba hole le ba haufi!’ Ke tla ba fodisa,” ho riala Morena.


Yaba Morena o otlolla letsoho la hae, o ama molomo wa ka ka lona, o re: “Bona, ke kentse mantswe a ka ka molomong wa hao.


Yaba letsoho le kang la motho le ama molomo wa ka, leleme la ka la raroloha, ka bua le ya emeng kapele ho nna, ka re: “Oho, monghadi wa ka, pono ena e nkutlwisitse bohloko, ke kgathetse matla.


Mohlang oo ke tla fedisa puo tse mpe tsa ditjhaba, bohle ba tle ba ipiletse ho Morena, ba mo sebeletse ba le ntsweleng.


Lengeloi la bua le ba neng ba eme kapele ho lona, la re: “Mo hlobodiseng diaparo tsena tse ditshila!” La nto re ho Joshua: “Bona, ke fedisitse bokgopo ba hao, mme ke tla o apesa diaparo tse ntlentle.”


Jwale Moshe a re ho Arone: “Nka pane, hodima yona o bee mashala a hlenneng a tswang hodima aletare, mme o tshele mokubetso kahodima wona, o e ise kapele ho setjhaba, o se etsetse tefelo ya sebe.” Kgalefo ya Morena e ne e befetse setjhaba, mme sewa se se se se wetse hodimo.


Batho ba mo tlisetsa monna ya shweleng ditho, ba mo nkile ka diphate. Ha Jesu a bona tumelo ya bona, a re ho ya shweleng ditho: “Ngwana ka, beta pelo, o tshwaretswe dibe tsa hao.”


Empa haeba re phela leseding, jwalokaha le yena a le leseding, re a phedisana, mme madi a Jesu, Mora wa hae, a re hlwekisa dibe tsohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ