Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 59:19 - BIBELE

19 Bitso la Morena le tla tshajwa, le tshajwe ho tloha bophirimela, tlotla ya hae e tshajwe, e tshajwe ho tloha botjhabela. Ha sera se futuha jwaloka sekgohola, Moya wa Morena o tla se lelekela hole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ke moo ba tlang ho tshaba lebitso la Jehova bophirimela, le kganya ya hae botjhabela; etlare ha dira di etla jwaloka noka, moya wa Jehova o tla di qhalanya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 59:19
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ho roriswe lebitso la Morena.


Ba eisehang ba tla ja, ba kgore, ba batlang Morena ba tla mo rorisa; pelo tsa bona di ke di thabe kamehla.


A nke ke dule ka Tempeleng ya hao kamehla, ke tle ke tshabele tlasa mapheo a hao.


Bonang, bitso la Morena le tswa hole, kgalefo ya hae e a tlokoma, kotlo e boima; molomo wa Morena o tletse kgalefo, leleme le hae le ka mollo o timetsang.


Ho phefumoloha ha hae ho ka nokana e eja ditlhokwa, metsi a nyoloha ho ya fihla molaleng, ho hlokola ditjhaba mafeela a tsona ho di kenya kgwathatha e tla di kgelosa tsela.


e le hore ho tloha botjhabela ho ya bophirimela tjhaba di tsebe hore ha ho e mong kantle ho nna. Ke nna Morena, ha ho na e mong.


Bonang! Ba tla tla ba etswa hole, ba bang leboya, ba bang bophirimela, ba bang ba etswa naheng ya Sinime.”


Morena o bua tjena: “Ke tla e tlisetsa kgotso sa noka e tletseng, ke e tlisetse maruo a ditjhaba sa nokana e tletse tswete! E tla le anyesa, e le sike ka matsoho a yona, lona le bapalle mangweleng a yona.


ka baka lena, Morena o tla se tlisetsa kgoholedi e kgolo, e matla, ya Noka, kgosi ya Asiria le mabotho wohle a yona. Noka e tla thibela melatswana wa yona, metsi a phutsalle hodima mabopo a yona.


Mmuso le matla a puso, le botumo ba mebuso yohle e lefatsheng, tsena di tla newa setjhaba sa bahalaledi ba Ya Hodimodimo, eo mmuso wa hae e leng mmuso wa kamehla yohle, eo babusi bohle ba tla mo sebeletsa, ba mo hlomphe.’


Di tla nyeka lerole jwaloka dinoha, di le nyeke sa dihahabi di holoba fatshe. Di tla tswa diahelong tsa tsona di thothomela, di retelehele ho Morena, Morena Modimo wa rona, di retelehele ho yena di tshohile, di tshohile haholo hobane di o tshaba.


Lengeloi la araba, le re: “Morena o bua tjena ho Serubabele: ‘Hase ka dikgoka kapa ka matla o tlang ho atleha, empa ke ka Moya wa ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba. Dibakeng tsohle ke tla nyehellwa ka sehlabelo sa mokubetso, le sa dinyehelo tse hlwekileng, hobane lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba,” ho rialo Morena wa mabotho.


Ke a le bolella, ba bangata ba tla tswa botjhabela le bophirimela, ba be dijong le Aborahama, Isaka le Jakobo Mmusong wa mahodimo,


hore Ya Kgopo a tle a senolehe. Jwale Morena Jesu o tla mo fedisa ka ho mo budula ka molomo feela, mme a mo timetse ka kganya eo a tla tla ka yona.


Jwale lengeloi la bosupa la letsa terompeta, mme lehodimong ha utlwahala mantswe a phahameng, a reng: “Puso ya lefatshe e se e le ya Morena wa rona, le ya Mesia wa hae, mme o tla busa kamehla le mehla.”


Lehodimong ka utlwa lentswe le phahameng, le re: “Jwale tlholo, le matla, le puso, e se e le tsa Modimo wa rona, le borena ke ba Mesia wa hae, hobane ho dihetswe fatshe moqosi wa bana babo rona, ya neng a ba qosa kapele ho Modimo wa rona, motsheare le bosiu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ