Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 59:16 - BIBELE

16 Morena a bona hore ha ho na motho, a makala ha a bona ho se ya kenang dipakeng; ka matla a hae a hlola dira tsa hae, ho loka ha hae ha mo tshehetsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 O bona hobane ha ho eo e leng motho, o makala hobane ha ho morapelli; ka baka leo, o tshepile letsoho la hae, o itshematlela ka ho loka ha hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 59:16
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o re o a ba fedisa, empa Moshe, mokgethwa wa hae, a kena dipakeng, a phoka bohale ba hae hore bo se ba timetse.


Ke mang ya tla ntshireletsa ho ba kgopo? Ke mang ya tla mpuella ho ba bolotsana?


Pesalema. Binelang Morena sefela se setjha, hobane o entse dimakatso, o hlotse ka letsoho la hae le letona, letsoho la hae le halalelang.


Oho, Morena, ako re hauhele, rona ba o tshepileng! Hoseng ho hong le ho hong o re matlafatse, o re pholose nakong ya ditsietsi.


Ha tolo la hao le thwathwaretsa, tjhaba di a baleha, ha o phahama, tjhaba di a phasalla.


Bonang, Morena Modimo o tla e le Ya Matla, o tla busa ka letsoho la hae. Bonang, o tla le moputso wa hae, phetetso ya hae e mo eteletse pele.


Ha ke tadima medingwana ha ke bone motho, kahara yona ha ho moeletsi, ha ho ya nkarabang ha ke e botsa.


“Ke hobaneng ha ke fihla ke fumaneng ho se na motho? Yare ha ke bitsa ka hloka ya nkarabang? Na tsoho la ka le fokola hoo nke keng ka le lopolla? Na ke hloka matla a ho le namolela? Bonang! ha ke kgalema ke pshesa metsi a lewatle, dinoka tsona ke di fetole lehwatata; tlhapi tse phelang nokeng tseo di nkge, di re phu! di hloke metsi, di be di shwe ke lenyora.


Ho loka ha ka ho se ho atametse, ho pholosa ha ka ho se ho le tseleng, toka e tla tlisetswa ditjhaba ke letsoho la ka. Ba dihlekehlekeng ba tla ntebella ka tjheseho, ba lebelle ka tshepo ho sireletswa ke tsoho la ka.


Morena tsoha! Tsoha o re thusetse ka tsoho la hao le matla! O tsohe jwaloka mehleng ya kgalekgale, o tsohe jwaloka melokong ya boholoholo. Na hase wena ya neng a kgabelake Rahaba? Na hase wena ya neng a kgehlepele kganyapa?


Morena o bontshitse tsoho la hae le halalelang, a le bontsha moo tjhaba tsohle di ntseng di bona, pheletso tsohle tsa lefatshe di tla bona, di bone ho pholosa ha Modimo wa rona.


Ke mang ya dumelang seo re se bolelang? Tsoho la Morena le bonahaditswe ho mang?


“Morena o hlapantse ka tsoho le letona la hae, a hlapanya ka matla a tsoho la hae, a re: ‘Ruri ha nka ke ka hlola ke fana ka mabele a hao, ke a nea dira tsa hao hore e be dijo tsa tsona; baditjhaba ha ba ka ke ba hlola, ba enwa veine ya hao, veine eo o e sebeleditseng ka thata.


Ha ho na motho ya ipiletsang ho wena, kapa ya lekang hore a o kgomarele; hobane o re patetse fahleho sa hao, wa etsa hore re motele ka baka la dibe tsa rona.


“Nyolosang, le theose diterata, terata tsa Jerusalema; le qamake kahohle le hlokomele, le batlisise le mabaleng a motse; ha le ka fumana motho leha a le mong, motho ya etsang toka, ya batlang nnete, motse wa Jerusalema ke tla o tshwarela.


“Ke ile ka batla motho hara bona ya neng a ka tsosa lerako, a ema kapele ho nna dikgeong tsa lona ho sireletsa naha ena hore ke se ke ka e timetsa, empa ha ke a ka ka fumana le ya mong.


A makalla ho se dumele ha batho ba teng. A potoloha le metsana a ntse a ruta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ