Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 59:12 - BIBELE

12 Re ditshito di ngata mahlong a hao, re ahlolwa ke bopaki ba dibe tsa rona. Ditshito tsa rona di re maname kamehla, bokgopo ba rona re bo tseba hantle:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Hobane ditlolo tsa rona di atile pela hao, dibe tsa rona di a re qosa, etswe re ikutlwa ditlolo tsa rona, mme re tseba dibe tsa rona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 59:12
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Tsena tsohle, tse re hlahetseng, di bakilwe ke diketso tsa rona tse kgopo, le ditshito tsa rona tse kgolo, empa wena, Modimo wa rona, o re otlile hanyenyane ho feta kamoo bokgopo ba rona bo leng kateng, mme wa re siela mesaletsana ena e teng.


Yaba ke re: “Oho, Modimo wa ka, ke swabile, ke bile ke tshaba le ho tadimana le wena, Modimo wa ka. Bokgopo ba rona bo re hlwele dihlooho, dibe tsa rona di lalellane hodimo ho ya fihla mahodimong.


Ho tsohle tse re hlahetseng o sebeditse ka toka, o tshepahetse haholo, rona re entse bokgopo.


Oho, Modimo, ako nkgauhele ka mohau wa hao, ho ya ka boholo ba lerato la hao ako hlakole melato ya ka.


Jo! tjhaba sa baetsadibe se tletseng bokgopo! Tloholo tsa ba kgopo, bana ba bodileng! Ba furaletse Morena, ba nyedisitse Ya Halalelang wa Iseraele, ba fela ba mo furaletse.


Fahleho tsa tsona di a di qosa, di ipoletse sebe sa tsona jwaloka Sodoma, le ho se pata di sitwa ho se pata. Di madimabe hakaakang! Koduwa ena di imemetse yona!


“Howeletsa haholo, o se ke wa kgaotsa; howa haholo jwalokaha ho letswa lenaka. Bolella setjhaba sa ka ditshito tsa sona, ntlo ya Jakobo o e bolelle dibe tsa yona.


Ho tloha mehleng ya kgalekgale ha ho ya kila utlwa, ha ho ya kila bona Modimo e mong ntle ho wena, Modimo ya thusang ba mo tshepileng.


Oho, Morena, leha re qoswa ke dibe tsa rona, ako re thuse ka baka la lebitso la hao. Re kgelohile haholo, re fela re o sitetswe!


“Phahamisa mahlo o tadime maralleng; ke kae moo o sa kang wa etsa bootswa teng? O ila emela banna kathoko ho tsela, wa ba lalla sa Moarabia lehwatateng. O silafaditse naha ka bootswa ba hao, wa e silafatsa le ka bokgopo ba hao.


Empa ka baka la bokgopo ba yona e fetohetse melao ya ka le ditaelo tsa ka ho feta ditjhaba tsohle le dinaha tsohle tse e potapotileng. Jerusalema e lahlile melao ya ka, ha e a latela ditaelo tsa ka.”


Bohle ba tla phonyoha ba tla balehela dithabeng, ba kuruetse sa maeba a dikgohlo, motho ka mong a llele dibe tsa hae.


“Lokisang mahlaahlela, hobane naha yohle e tletse madi, hara motse ke moferefere.


Ke mahlapa, ke leshano, ke dipolao, ke boshodu, ke ho etsa bohlola! Melao yohleyohle ba a e tlola, madi a tsholoha a sa tswa tsholoha!


Boikgohomoso ba Iseraele bo a mo ahlola, Iseraele le Efraime ba tla kgothometseha, ba be ba we ka baka la bokgopo ba bona, Juda le yena a we le bona.


Baiseraele ba ahlolwa ke boikgantsho ba bona, empa ha ba kgutlele ho Morena, Morena Modimo wa bona, kapa ho mmatla, leha tsena di etsahetse.


Ka lebaka lena, molao o nyehlisitswe, toka le yona ha e phethahatswe. Ba lokileng ba qhekanyetswa ke ba kgopo, ka hona kahlolo di etswa di sokamisitswe.


“Empa ha le sa etse jwalo, e tla ba le sitetswe Morena, mme le ke ke la phema kotlo ya sebe sa lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ