Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 59:10 - BIBELE

10 Re phopholetsa mabota jwaloka batho ba difofu, re phopholetsa tsela jwalokaha eka ha re na mahlo, re kgothometseha hara motsheare wa lengeta jwalokaha eka ke ka shwalane; hara ba phelang rona re jwaloka bafu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Re sika le lerako ka ho phopholetsa jwaloka difofu, re phopholetsa jwaloka hola re se na mahlo; re kgoptjwa motshehare jwaloka hoja e le bosiu; leha re le makgulong a nonneng, re tshwana le bafu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 59:10
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba aparelwa ke lefifi tsatsi le ba tjhabetse, ere tadi e anyesa ba phothasele seka bosiu.


Tsela ya ba kgopo e ka fifi le letsho, ha ba tsebe se ba kgothometsang.


Ka baka leo ntswe la Morena e tla ba lena ho bona: Molao hodima molao, molao hodima molao, taelo hodima taelo, taelo hodima taelo; hanyenyane mona, hanyenyane mane, etlere ha ba tsamaya ba we ka sanketse, ba robehe, ba tshwaswe, ba thopuwe.


Ke yena eo e tla ba sehalalelo; empa ho matlo a mabedi a Iseraele, ke yena lejwe le tla ba kgopa, ke yena lefika le tla ba thula, ho baahi ba Jerusalema e be sefi, e be leraba.


Ba bangata ba bona ba tla kgothometseha, ba bangata ba bona ba we, ba robehe, ba bangata ba bona ba wele lerabeng, ba tshwaswe.”


Tlotlisang Morena, Morena Modimo wa lona, mo tlotliseng a eso tlise lefifi, maoto a lona a eso kgothometsehe, a kgothometseha hodima thaba tse lefifi. Lona le lebeletse lesedi, Morena o tla le fetola fifi le letsholetsho, a le fetole fifi la bo-nka-ntjana!


O mpeile fifing le letsholetsho, ke jwaloka bafu ba kgalekgale.


Ba nnile ba lelera sa banna ba difofu, ba lelera hara diterata tsa motse; ba itshilafaditse ka madi haholo, hoo ho seng ya ka amang diaparo tsa bona.


Ke beile sabole kgorong tsohle tsa bona, hore pelo tsa bona di tle di nyahame, ba bangata ba bona ba kgothometsehe, ba we. Jo! e tsekema jwaloka lehadima, e tshotseditswe hore e tle bolaye.


“Mohlang oo,” ho rialo Morena Modimo, “Ke tla diketsa letsatsi hara mpa motsheare, fifi le kwahele lefatshe motsheare o moholo.


Ho baporofeta bana Morena o re: “Ka baka leo, bosiu bo tla le aparela, bo le aparele, le se ke la bona dipono, le aparelwe ke lefifi, le bonohe bo fele, tsatsi le dikele, baporofeta ba phirimelwe, ho bona motsheare e ke fifi le letsholetsho.


Jesu a re ho bona: “Lesedi le sa na le lona ka nakwana. Tsamayang ha le sa ntse le ena le lesedi, esere mohlomong lefifi la le tshwara. Ya tsamayang lefifing ha a tsebe moo a yang teng.


“O foufaditse mahlo a bona, a thatafatsa dipelo tsa bona, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba utlwisisa ka pelo, ba sokoloha, mme ka ba fodisa.”


O tla phopholetsa e le motsheare, jwalokaha sefofo se phopholetsa lefifing, mme ha ho letho leo o tla atleha ho lona. O tla hatellwa, o amohuwe tsa hao kamehla, empa ha ho ya tla o namolela.


Empa ya hloileng ngwanabo o lefifing; o tsamaya lefifing, ha a tsebe moo a yang teng, hobane lefifi leo le foufaditse mahlo a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ