Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 58:9 - BIBELE

9 Etlare ha o ipiletsa, Morena a o arabe, ere ha o kopa thuso, yena a re: ‘Ke nna enwa.’ “Haeba o fedisa diketso tsa botlatlapi, tsa ho supana ka menwana le ho buisana hampe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ke moo o tlang ho bitsa, mme Jehova o tla araba; o tla howeletsa ho yena, mme o tla re: Ke nna enwa. Ha o fela o lesa ho jarisa motho boima, ho supa ka monwana, le ho etselletsa;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 58:9
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jakobo o ya ho ntatae, o fihla, a re: “Ntate!” Yena a arabela, a re: “Ke nna enwa! O mang, ngwana ka?”


O tla rapela Modimo, ebe o a o utlwa, kano tsa hao o tsebe ho di phetha.


Ha ke ne ke patisitswe, ka ipiletsa ho Morena; Morena a nkarabela, a ntokolla.


Re pholose Morena, batshepuwa ba fedile; botshepehi ha bo sa le yo ho bana ba batho.


Morena o haufi le bohle ba mo rapelang, ba mo rapelang kannete.


Re ke re etsetse tlholo ya hao ditlatse, re phahamise mekgele ka lebitso la Modimo, bitso la Modimo wa rona. Morena a ke a phethahatse dikopo tsohle tsa hao.


Thabela Morena, mme o tla o nea tse lakatswang ke pelo ya hao.


Ipiletse ho nna ka nako ya matshwenyeho; ke tla o lopolla, mme wena o tla ntlotlisa.”


Ha a ipiletsa ho nna ke tla mo araba; matshwenyehong ke be le yena, ke mo lopolle, ke mo tlotlise.


o roba leihlo la hae, a ngolangole fatshe ka leoto, a qhwayaqhwaye ka monwana;


Ha le phahamisa matsoho ho ipiletsa ho nna, ke tla ipata sefahleho; leha le ka etsa dithapelo tse ngata, nke ke be ka le mamela, matsoho a lona a kganathetse madi.


Oho, lona setjhaba sa Sione, lona ba ahileng Jerusalema, le ke ke la hlola le sa lla. Ha le ka ipiletsa ho yena, o tla le hauhela; hanghang ha a utlwa sello sa lona o tla le araba.


“Batlang Morena ha a sa ntse a ka fumanwa, ipiletseng ho yena a sa le haufi;


Eo le mo somang ke mang? Eo le mo nyekoletsang melomo, maleme a leketlile, ke mang? Na hase lona bana ba mahlabaphiyo, lona bana ba batho ba leshano?


“Mokgwa wa ho itima dijo oo ke o kgethileng ke ona: Ke hore o lokolle mahlaahlela a bokgopo, o imolle ba imetsweng ke mejaro ya bona, ba hateletsweng o ba lokolle, mesebetsi yohle ya botlatlapi o e fedise.


Tsoho la Morena ha le lekgutshwanyane, hoo a ke keng a pholosa; tsebe ya hae ha e a thibana hoo a ke keng a utlwa.


Ke ho sitelwa Morena le ho bua leshano, ke ho furalla Modimo wa rona, ho kgothaletsa bohatelli le bofetohedi, ho nahana leshano le ho le bua ka pelong tsa rona.


Ke tla arabela ba eso ka ba ipiletsa, ke be ke ba utlwe e le hona ba ntseng ba rapela.


Wa atamela ho nna ha ke ipiletsa, wa re ho nna: “O se ke wa tshaba!”


“ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Kahobane le buile taba tsa mafeela, la bona dipono tsa mashano, ke a le lwantsha, ho rialo Morena Modimo.


Ka nna ka bua jwalo, ka rapela, ka ipolela sebe sa ka le sa setjhaba sa heso sa Iseraele, mme ka lebisa thapedi ya ka ho Morena Modimo wa ka, ka baka la thaba e halalelang ya Modimo wa ka.


Le ntho efe le efe eo a e hlapanyeditseng ka leshano, o tla e busetsa ka ho tlala, a be a eketse ka karolo tse mashome a mabedi ho tse lekgolo; a e nee mong a yona mohla a ipoletseng hore o molato.


Dipolelo tsa medingwana ke tsa bohata, pono tsa bonwang ke dinohe ke tsa leshano, di bolela toro tse se nang nnete. Matshediso a dinohe tsena ha a na thuso; setjhaba se lelera sa mohlape-maitisi, se tsielehile ke ho hloka modisa.


Ena ya boraro e tla feta hara mollo, ke e hlwekise sa silefera ha e hlwekiswa, ke e hlahlobe sa kgauta ha e hlahlojwa. Tjhaba sa ka se tla ipiletsa ho nna, jwale nna ke tla se araba, ke re: ‘Sena ke sona setjhaba sa ka,’ mme sona se tla bolela, se re: ‘Morena ke yena Modimo wa rona.’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ