Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 58:6 - BIBELE

6 “Mokgwa wa ho itima dijo oo ke o kgethileng ke ona: Ke hore o lokolle mahlaahlela a bokgopo, o imolle ba imetsweng ke mejaro ya bona, ba hateletsweng o ba lokolle, mesebetsi yohle ya botlatlapi o e fedise.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ho itima dijo hoo ke ho ratang, na hase hore o tlamolle mahlaahlela a bolotsana, o kgaole marapo a joko, o lokolle ba etseditsweng boima, o robe dijoko kaofela na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 58:6
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ntate o ile a le imetsa ka mosebetsi; nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate o ne a le shapa ka diphafa; nna ke tla le shapa ka katse.’ ”


Ka baka lena, mmameleng, mme le kgutlise bathopuwa bao le ba thopileng e le bana babo lona, hobane Morena o le halefetse.”


Lopolla ba iswang lefung, o pholose ba iswang polaong.


Ithuteng ho etsa tse lokileng, le ipatlele le yona toka, kgalemelang mohatelli, le ahlolele kgutsana hantle, nyewe ya mohlolohadi le yona le e emele.


Motho ya metsamao e lokileng, ya puo di ntle, ya hloileng ho rua ka mahahapa, ya sa amoheleng tjotjo, ya sa mameleng merero ya ho bolaya, ya thibelang mahlo a hae hore a se bone bobe;


ya kgopo a furalle ditsela tsa hae, molotsana a furalle mehopolo ya hae, a sokolohele ho Morena wa hae, mme Morena o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane yena o tshwarela haholo.


Etlare ha o ipiletsa, Morena a o arabe, ere ha o kopa thuso, yena a re: ‘Ke nna enwa.’ “Haeba o fedisa diketso tsa botlatlapi, tsa ho supana ka menwana le ho buisana hampe;


Morena o bua tjena: Ahlolelang batho ka toka le ka nepo, le namolele ya tlatlapuwang matsohong a motlatlapi wa hae. Le se ke la etsa moditjhaba, kgutsana kapa mohlolohadi hampe, kapa la ba hlokofatsa, leha e le ho tsholla madi a se nang molato sebakeng sena.


Morena wa mabotho o bua tjena: “Setjhaba sa Iseraele se hateletswe, esita le sona setjhaba sa Juda. Bathopi ba sona ba se tshwere ka thata, ba hana ho se lokolla hore se tsamaye.


Ka baka leo, wena kgosi, ako amohele keletso ya ka, o furalle dibe tsa hao ka ho etsa ho lokileng, le bokgopo ba hao ka ho hauhela mafutsana; mohlomong o ka phela halelele ka boiketlo.”


Le ntho efe le efe eo a e hlapanyeditseng ka leshano, o tla e busetsa ka ho tlala, a be a eketse ka karolo tse mashome a mabedi ho tse lekgolo; a e nee mong a yona mohla a ipoletseng hore o molato.


Empa motho a apare tse mahwashe, esita le yona phoofolo. Motho e mong le e mong a ipiletse ka matla ho Modimo, a furalle metsamao ya hae e kgopo le diketso tsa hae tsa dikgoka.


“Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ahlolelanang ka toka, le be mosa, mme le utlwelane bohloko.


etswe ke bona hore o na le takatso e mpe, mme o ditlamong tsa bokgopo.”


Bohle ba leng tlasa joko ya bokgoba ba ke ba nke beng ba bona e le ba lokelwang ke hlompho yohle, esere lebitso la Modimo le thuto ya hae tsa nyefolwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ