Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 58:4 - BIBELE

4 Ho itima dijo ha lona ho baka dikgang le diqabang, ho bake le ho tlantlana, ho tlantlana ka ditebele. Na ho itima dijo ka mokgwa o tjee ho ka etsa hore thapelo tsa lona di mamelehe?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Bonang, le itima dijo ho omana, ho qabana, le ho otla ka setebele ka mokgwa wa bolotsana. Ha le itime dijo ka tokelo ya teng ka letsatsi leo, hore mehoo ya lona e utluwe nqalong tse hodimodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 58:4
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Sehlabelo sa ya kgopo se a nyonyeha, haholo ha a se etsa ka morero o mobe.


Ha le phahamisa matsoho ho ipiletsa ho nna, ke tla ipata sefahleho; leha le ka etsa dithapelo tse ngata, nke ke be ka le mamela, matsoho a lona a kganathetse madi.


Morena o qosa baholo ba tjhaba sa hae, o qosa le babusi ba sona, o re: “Tshimo ya ka ya morara e lobetswe ke lona, matlo a lona a tletse tse amohilweng mafutsana.


Ke ka baka lang ha le hatakela setjhaba sa ka, mafutsana le wona le a tlatlapa?” ho rialo Morena, Morena mabotho.


Empa makgopo a lona a le arohantse le Modimo wa lona, dibe tsa lona di patile fahleho sa hae, e le hore a se ke a le utlwa.


Bolepo ba bona bo ke ke ba fetoha diaparo, ba ke ke ba ikapesa ka tseo ba di etsang. Mesebetsi ya bona ke mesebetsi e kgopo, ka ketso tsa bona ba tsosa moferefere.


“Hona jwale,” ho rialo Morena, “kgutlelang ho nna ka pelo tsa lona tsohle, ka ho itima dijo, ka meokgo le ka dillo.”


Yaba kgosi e etsa phatlalatso hara motse wa Ninife, e re: “Kgosi, e ena le mahosana a yona, e laela hore: Ho se be motho ya tla latswa letho, a je kapa a nwe; le tsona diphoofolo le dikgomo kapa dikgutshwane, di se ke tsa fula kapa tsa enwa metsi.


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena.


tse jang matlo a basadi ba bahlolohadi, mme di ntse di etsa dithapelo tse telele ka boikaketsi. Di tla ahlolwa ka ho fetisisa.”


Jwale Bajuda ba tloha ha Kaiafa, ba isa Jesu tlung ya bobusisi, e sa le kameso. Bona ha ba a ka ba kena ka tlung ya bobusisi, hore ba tle ba je Paseka ba sa silafala.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ