Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 58:2 - BIBELE

2 Ka letsatsi le letsatsi ba ntse ba mpatla, ba labalabela ho tseba ditsela tsa ka, jwalokaha eka ke setjhaba se etsang tse lokileng, se sa furallang melao ya Modimo wa sona. Ba nkopa ho ba bolella melao e lokileng, ba re ba tjhesehela ho ikatametsa ho Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ba mpatla ka matsatsi wohle, ba lakatsa ho tseba ditsela tsa ka, jwaloka hoja e le setjhaba se yang ka ho loka, se sa kang sa tlohela molao wa Modimo wa sona; ba kopa ho nna dikahlolo tsa ho loka; ba lakatsa ho hlaha ha Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 58:2
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla nahana ditaelo tsa hao, ke imamelle ditsela tsa hao.


Wena Morena, o haufi, mme melao yohle ya hao ke nnete.


Ba batile ba ntlosa lefatsheng, empa ha ke a furalla ditaelo tsa hao.


Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.


Mahlabaphiyo le baetsadibe ba tla ripitlwa, ba furaletseng Morena ba tla timela.


Jo! tjhaba sa baetsadibe se tletseng bokgopo! Tloholo tsa ba kgopo, bana ba bodileng! Ba furaletse Morena, ba nyedisitse Ya Halalelang wa Iseraele, ba fela ba mo furaletse.


Yaba Morena o a bua, o re: “Tjhaba sena se bua le nna ka melomo feela, se ntlhompha ka melomo ya sona feela, empa pelo tsa sona tsona di hole le nna; se ntshaba ho ya ka ditaelo tsa batho, ditaelo tseo se di rutilweng ke batho.


O bone ntho tse ngata, empa ha o di ele hloko; tsebe tsa hao di lethwethwe, empa ha o utlwe letho.”


Ke tla pepesa mesebetsi ya lona, mesebetsi eo lona le reng e lokile; empa ha e ka ke ya le tswela molemo.


“Lona bana ba baloi atamelang mona, le lona bana ba difebe, le lona ba diotswa!


Ke ho sitelwa Morena le ho bua leshano, ke ho furalla Modimo wa rona, ho kgothaletsa bohatelli le bofetohedi, ho nahana leshano le ho le bua ka pelong tsa rona.


ba re ho moporofeta Jeremia: “Re a o kopa: Ako mamele thapedi ya rona o re rapelle ho Morena Modimo wa rona, o rapelle le masalla ana wohle, hobane jwalokaha o bona, re se re setse re se bakae, ha pele re ne re le bangata.


hobane ha le ne le nthoma ho Morena Modimo wa lona, le ne le etsa boikaketsi bo tla le timetsa, ha le re: ‘Re rapelle ho Morena Modimo wa hao; o re bolelle tsohle tseo Morena Modimo wa hao, a tla di bua, mme re tla di etsa.’


ebe le a tla, le fihla le ema kapele ho nna ka Tempeleng ee e bitswang ka lebitso la ka, le re: “Re namoletswe!” Le namoletswe ho etsa manyala aa wohle?


Na le tla utswa, le bolaye, le febe, le hlapanye ka leshano, le tjhesetse Baale mokubetso, le kgumamele medimo esele, eo le sa e tsebeng;


“Wena ngwana motho, bua le baholo ba Iseraele, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Na le tlile ho mpotsa? Ke a le hlapanyetsa, ho rialo Morena Modimo, ha nka ke ka le dumella ho mpotsa.’


Ho madimabe lona ba hlolohetsweng tsatsi la Morena! Ke hobaneng le hlolohetsweng tsatsi la Morena? Tsatsi leo e tla ba la lefifi, ha e na ho ba tsatsi la lesedi!


Ba fihla, ba re ho yena: “Moruti, re a tseba hore o motho wa nnete, le hore ha o natse motho, hobane ha o ye ka tshobotsi, empa o ruta tsela ya Modimo ka nnete. Na ho a dumelleha hore ho ntshetswe Sesare lekgetho kapa tjhe? Na re ka le ntsha, kapa re ke ke ra le ntsha?”


Heroda o ne a tshaba Johanne ka ho tsebe hore ke monna ya lokileng, ya halalelang, mme a mo sireletsa. Ha a mo utlwa o ne a tsieleha haholo, le hoja a ne a thabela ho mo utlwa.


Yena e ne e le lebone le tukang, le kganyang, mme lona le ile la rata ho nyakalla leseding la hae nakwana.


Ba bolela hore ba tseba Modimo, empa diketso tsa bona di a latola. Ba a nyonyeha, ba hana ho mamela, ba sitwa ho etsa letho le lokileng.


Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona. Lona baetsadibe, hlatswang matsoho a lona; lona ba qeaqeang, hlwekisang dipelo tsa lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ