Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 58:12 - BIBELE

12 Bara ba hao ba tla tsosa thako tsa hao tsa kgale, o hahe hodima metheo ya baholoholo ba hao. Wena o tla bitswa Motsosi wa marako a helehileng, o bitswe Molokisi wa ditsela le matlo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ditloholo tsa hao di tla tsosa masupi a boholoholo; o tla tsosa metheo ya kgale, mme o tla rewa motsosi wa dikgeo, le molokisi wa diterata tse ka ahuwang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 58:12
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ke re ho bona: “Le bona tsietsi eo re leng hara yona, le kamoo Jerusalema e leng lesupi kateng, le kamoo menyako ya yona e tjhesitsweng kateng. Tloong, re haheng lerako la Jerusalema, re tle re se ke ra ba le sekgobo.”


Yaba ke rapela Modimo wa mahodimo. Ka re ho kgosi: “Haeba kgosi e ka kgahlwa, mme eba e hauhetse mohlanka wa yona, a e ke e nthome naheng ya Juda, motseng oo mabitla a bo-ntate a leng ho wona, e le hore ke tle ke o tsose.”


Jwale bo-Sanebalate, le Tobiya, le Gashemu wa Moarabia, le ba bang ba dira tsa rona, ba utlwela hore ke se ke hahile lerako, le hore ha le sa na dikgeo, le hoja ka nako eo menyako e ne e eso kenngwe mamati.


ke phomotse le dikgosi le matona a kwano, bao mehaho ya bona e leng mabitla,


bokgopo bona bo tla ka lerako le phahameng, le seng le petsohile, le hlephile, le helehang ka ho panya ha ntshi.


Ke nna ya reng ho Siruse: ‘O modisana wa ka, o tla phetha tsohle tseo ke di ratang; o tla re thako tsa Jerusalema di tsoswe, o re metheo ya Tempele e ralwe.’ ”


Morena o bua tjena: “Ka nako ya mohau ke ile ka o araba, ka tsatsi la ho pholoswa ke ile ka o thusa; ka o boloka hore ka wena ke etse selekane le ditjhaba, hore ho tle ho kgutliswe naha, ho ajwe lefa la yona le senyehileng.


“E, Morena o tla utlwela Sione bohloko, a utlwele bohloko masupi wohle a yona, mafeella ao a a fetole a be jwaloka Edene, mahwatata a yona a be jwaloka rapa sa Morena. Thabo le nyakallo di tla fumanwa ho yona, ho utlwahale mantswe a pina tsa diteboho.


Binang pina tsa thabo, le di bine le le mmoho, binang lona masupi a Jerusalema, hobane Morena o tshedisitse, a tshedisa setjhaba sa hae, Morena o lopolotse Jerusalema.


Ba tla tsosa masupi a kgale, ba ntjhafatse thako tsa boholoholo; ba tla tsosa metse e neng e ripitlwe, dithako tsa meloko e mengatangata.


“Matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona motse ona o tla tsoswa ho tloha Toreng ya Hananele ho ya fihla Kgorong e Hukung.


Ha le a ka la ya thiba dikgeo tse marakong, kapa la haha metero, e le hore Baiseraele ba tle ba tsebe ho ema senna ntweng, mohla Letsatsi la Morena.


“Morena Modimo a bua tjena: Mohla ke seng ke le hlwekisitse makgopong wohle a lona, ke tla boela ke le ahisa metseng ya lona, le dithako di tsoswe.


Jwale lona dithaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena Modimo: Morena Modimo o bua tjena ho dithaba, le ho maralla, le ho dinoka, le ho dikgohlo, le ho dithako tseo e seng e le masupi, le ho metse e setseng e le feela, e ileng ya fetoha lelobelo le sesomo ho masalla a baditjhaba a le potapotileng.


“Ka baka lena tseba, o utlwisise: Ho tloha mohla ho phatlalatswang taelo, taelo ya hore Jerusalema e tsoswe, ho fihlela ha mmusi a fihla, mmusi ya tlotsitsweng, lemo tse supileng hasupa di tla feta. Jerusalema e tla tsoswa, e hahwe, ho betlwe diterata le marako a tsoswe; e tsitse dilemo lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, empa mehla ena e tla be le ya ditsietsi!


“Mohlang oo ke tla tsosa ntlo ya Davida, ntlo e seng e wele. Dikgeo tsa marako a yona ke tla di thiba, dithako tsa yona le tsona ke di tsose, ke e hahe, e ntjhafale sa mohla monene;


Ke tla kgutlisa tjhaba sa ka sa Iseraele, ke kgutlise tjhaba sa ka bothopuweng; se tla tsosa metse e se e le masupi, se e tsose, se phele ho yona. Se tla lema dirapa tsa morara, se di leme, se nwe veine ya wona; se tla lema dirapa, se je tholwana tsa tsona.


Tsatsi le tla fihla la ho tsosa marako a motse, tsatsi la ho atolosa meedi ya lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ