Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 58:11 - BIBELE

11 Morena o tla o tataisa kamehla, a o fe tseo o di hlokang leha naha e omeletse, a matlafatse ditho tsa mmele wa hao. O tla tshwana le serapa se nwesetswang hantle, o ke sediba seo mohlodi wa sona o sa psheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Jehova o tla o tsamaisa kamehla; o tla kgodisa moya wa hao mohla manyora, a nontshe masapo a hao; o tla ba jwaloka serapa se nosetswang, le jwaloka sediba seo metsi a sona a sa psheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 58:11
35 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Nakong ya sekoboto o tla o namolela lefung, nakong ya dintwa sabole a e thithibanye bohale.


Eo o jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a nwesetsang, se behang ditholwana ka nako ya tsona, seo mahlaku a sona a sa poneng. Yena o atleha ho tsohle tseo a di etsang.


O ile a tima lenyora la ba nyorilweng, a kgorisa ba lapileng ka tse molemo.


Ba eisehang o ba tsamaisa ho lokeng, o ruta ba eisehang tsela ya hae.


Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela; ke tla o eletsa, ke o bee leihlo.


e le hore a tle a ba lopolle lefung, le ho ba phedisa nakong ya tlala.


Ba ke ke ba hlajwa ke dihlong nakong tse mpe, matsatsing a tlala ba tla kgora.


elang hloko lerako la yona, rako la yona la tshireletso, hlahlobang matlo a yona a bokgosi, le tle le phetele moloko o tlang, le re:


O ntsamaisa ka keletso ya hao, mme qetellong o tla nkamohela ka tlotla.


Ha ba feta kgohlong e omeletseng, e fetoha didiba; le yona pula ya selemo e e apesa ka mahlohonolo.


Ba hlomilweng ka tlung ya Morena ba tla atleha mabaleng a Modimo wa rona.


Ya fanang haholo o tla fumana katleho, ya fanang ka metsi le yena o tla a fuwa.


Sekgoba se a lakatsa, empa ha se fumane letho, sekgothadi se a atleha, se kgotsofatswa ke tsohle.


Motho ya ikgohomosang o fehla moferefere; ya itshepelang Morena o tla fumana katleho.


O tla phela hantle mmeleng, masapo a hao a tiye.


O mohlodi o nwesetsang serapa, o diba sa metsi a kollang, a phallang a etswa kwana Lebanone.


Ke nna Morena, mohlokomedi wa sona, ke se nwesetsa ka dinako tsohle, ke se lebela motsheare le bosiu, hore ho se be le ya mong ya ka se senyang.


ke yena ya tla phela bakeng tse phahameng, eo setshabelo sa hae e tla ba qhobosheane e thabeng. Dijo o tla di fuwa, a ke ke a hloka metsi.


“Mafutsana le bahloki ba batla metsi, empa metsi ha ba a fumane, maleme a bona a omeletse ke lenyora. Empa nna Morena, ke tla ba araba, nna Modimo wa Iseraele, nke ke ka ba furalla.


Di tla mela hara jwang bo botalana, jwaloka fate tsa moduwane lebopong la noka.


Ha ba ka ke ba lapa kapa ba nyorwa, kapa ba tjheswa ke motjheso wa tsatsi la lehwatata. Ya ba utlwelang bohloko o tla ba tataisa, a ba ise pela didiba tse kollang.


Tsela tsa bona ke di bone, ke tla ba phekola; ke ba tsamaise, ke tshedise ba llang,


Jwalokaha mobu o medisa dimela tsa wona, tshimo le yona e medisa dijalo tsa yona, Morena Modimo o tla medisa ho loka le ho rorisa, tsena a di medise moo matjhaba wohle a di bonang.


Ha le bona tsena pelo tsa lona di tla nyakalla, le tlokome jwaloka jwang ha bo tlokoma. Bahlanka ba Morena ba tla tseba matla a hae, dira tsa hae tsona di bone kgalefo ya hae.


O tla tshwana le sefate se lemilweng pela metsi, seo metso ya sona e namelang pela molatswana. Ha se ke se tshoswa ke ho fihla ha lebatama, mahlaku a sona a matalana kamehla, ka nako ya komello ha se ke se tshwenyeha, kamehla se beha ditholwana tsa sona.”


Ba tla tla ba bine ba le hodima Sione, ba thabele bongata ba dimpho tsa Morena, e leng koro le veine le ole, le dikonyana, le dipotsanyane le manamane. Ba tla tshwana le serapa se nwesetswang hantle, ba ke ke ba hlola ba eba le mahlomola.


Ba tla re: ‘Naha ena e neng e le nanaola, e se e tshwana le tshimo ya Edene; metse e neng e setse e le dithako, e senyehile, e le masupi, jwale e haheleditswe, e na le baahi.’


Ke o babaletse o le hara lehwatata, o le naheng e omeletseng haholo.


athe ha eo, Moya wa nnete, a etla, o tla le tsamaisa nneteng yohle, hobane a ke ke a bua tsa hae, empa o tla bua tseo a di utlwang, mme o tla le tsebisa tse tlang.


athe mang le mang ya nwang metsi ao ke tla mo fa wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa wona a tla fetoha ka ho yena sediba sa metsi a kopoletsang bophelong bo sa feleng.”


Ya dumelang ho nna, jwalokaha Mangolo a boletse, dinoka tsa metsi a kollang di tla phalla di etswa ka ho yena.”


“Kaha Morena Modimo wa lona, o tla le hlohonolofatsa naheng eo a tla le nea yona hore e be lefa la lona, hara lona ha ho na ho ba le ya hlokang;


Jwale Modimo, yena eo e leng Ntata rona, le Morena wa rona Jesu, a ke a re lokisetse tsela ya ho tla ho lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ