Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 57:14 - BIBELE

14 Lentswe le tla re: “Katang, katang, le batalatse mmila! Tlosang se kgopang tseleng ya tjhaba sa ka!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ho tla thwe: Batalatsang, batalatsang, le lokise tsela, le tlose dikgopiso tsohle tseleng ya setjhaba sa ka!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 57:14
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ba lokileng ba a thaba, ba nyakallela Modimo, ba tlale thabo.


Mmila o moholo o tla ba teng moo, o rewe lebitso la Tsela ya Kgalalelo. Baetsadibe ba ke ke ba tsamaya ka yona, e tla ba ya ba lokelang ho e tsamaya, ba ke ke ba lahleha leha e le dithoto.


Lentswe la ya howang, le re: “Lokisang mmila wa Morena, le o lokise felleng, le otlollele Modimo wa rona mmila lehwatateng.


“Thabeng tsohle tsa ka ke tla etsa ditsela, mmila ya ka e katwe e tle e phahame.


Tswang! Tswang! ka dikgoro tsa motse, le lokise tsela ya tjhaba sa ka; batalatsang, batalatsang mmila, le suthise majwe, le phahamisetse ditjhaba tsohle mokgele.


Empa tjhaba sa ka se ile sa ntebala, sa tjhesa mokubetso, sa o tjhesetsa medimo ya bohata; medimo ena e entse hore se be se kgoptjwe, se kgoptjwe ha se tsamaya tseleng tsa sona, ha se tsamaya tseleng tsa boholoholo; ya se hlahlathedisa tseleng tse kathoko, tse sa batallang, tse tletseng makukuno.


Ha ho le jwalo, re se hlole re ahlolana; le mpe le ikemisetse hore le se ke la kgelosa kapa la dihela ngwanabo lona sebeng.


ha e le rona, re phatlalatsa tsa Kreste ya thakgisitsweng sefapanong, e leng kgopiso ho Bajuda le bothoto ho baditjhaba.


Ka baka leo, haeba dijo di dihela ngwaneso sebeng, nke ke ka ja nama le ka mohla, hore ke se ke ka dihela ngwaneso sebeng.


Leha ho le jwalo, le hlokomele esere bolokolohi ba lona ba dihela ba tumelo e fokolang sebeng.


Hore mosebetsi wa rona o se ke wa nyediswa, ha re ke be re kgopise motho ka letho.


Tsamaisang maoto a lona ditseleng tse otlolohileng, e le hore leoto le hlotsang le tle le se ke la nonyetseha, le mpe le fole.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ