Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 56:2 - BIBELE

2 Ho lehlohonolo motho ya etsang tsena, ho lehlohonolo motho ya di kgomarelang, ya bolokang Sabatha, ya sa se silafetseng, eo tsoho la hae le sa etseng tse mpe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ho lehlohonolo motho ya etsang hoo, le ngwana motho ya tiisetsang teng, ya bolokang Sabatha, a tle a se ke a e silafatsa, mme a tshabisa letsoho la hae, le tle le se ke la senya le hanyenyane!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 56:2
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka kgalemela mahosana a Juda, ka re ho wona: “Ke bokgopo ba eng boo, boo le bo etsang, mme le hlompholla letsatsi la Sabatha?


Ho lehlohonolo ba etsang toka, ba etsang ho lokileng ka nako tsohle.


Haleluja! Ho lehlohonolo ya tshabang Morena, ya thabelang melao ya hae haholo.


Ke qobisa maoto a ka ditsela tsohle tse kgopo, ke tle ke mamele lentswe la hao ka hloko.


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ho lehlohonolo bohle, bohle ba tshabang Morena, ba tsamayang ditseleng tsa hae.


Tshwara leleme la hao le se bue tse mpe, le molomo wa hao o se bue leshano.


Furalla bobe, o etse botle, o tle o be le leaho kamehla.


empa letsatsi la bosupa ke Sabatha sa Morena Modimo wa hao. Ka letsatsi lena o se ke wa etsa mosebetsi ofe kapa ofe, wena, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mohlanka wa hao, kapa lekgabunyane la hao, kapa diphoofolo tsa hao, kapa mojaki ya ha hao.


“Hlokomela letsatsi la Sabatha, o le halaletse.


Motho ya bohlale o tshaba bobe, o a bo ila, empa sethoto se a tlatselela, se a itshepa.


Tsela ya ba lokileng e kgeloha bobe, ya e hlokomelang o baballa bophelo ba hae.


Sebe se hlakolwa ke lerato le botshepehi; ya tshabang Morena bobe o tla bo phema.


Tshwara thuto ena, o e mamarele, o e dise ka thata, ke yona bophelo ba hao.


Se kgelohele ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, mehato ya hao e o phemise bokgopo.


Molemo ke ho itshwarella ka polelo ya pele, le ya bobedi o se ka e nyahlatsa; ya tshabang Modimo o phema tsietsi tsena bobedi!


Morena o bua tjena ho mahaole: “Mahaole a bolokang Disabatha tsa ka, a ikgethelang tse nthabisang, a kgomarelang selekane sa ka,


“Haele baditjhaba ba ikabetseng Morena, ba ikabetseng ho mo sebeletsa, le hona ho rata bitso la hae, bao e leng bahlanka ba hae, ba bolokang Sabatha, ba se boloka ba sa se silafatse, ba kgomaretseng selekane sa ka;


“Haeba o sa nke maeto ka tsatsi la Sabatha, o sa phethe merero ya hao ka tsatsi la ka le halalelang; haeba o bitsa Sabatha letsatsi la thabo, o re ke la Morena le halalelang, le hlomphehang; haeba o le hlompha ka ho se etse mesebetsi ya hao, o sa phethe merero ya hao, o sa bue mafeela;


Ka ba nea le Disabatha tsa ka hore e be sesupo pakeng tsa ka le bona, ba tle ba tsebe hore ke nna Morena ya ba halaletsang.


Halaletsang Disabatha tsa ka, hore e tle e be sesupo pakeng tsa ka le lona. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona.”


“ ‘Le boloke Disabatha tsa ka, le hlomphe Sehalalelo sa ka. Ke nna Morena.


Empa Jesu a re: “E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, ba le boloke.”


Ho lehlohonolo mohlanka eo etlare ha monga hae a fihla, a mo fumane a etsa jwalo.


Ha le tseba tsena, le lehlohonolo ha le ka di etsa.


Lerato le hloke boikaketsi. Hloyang bobe, kgomarelang botle.


“Ho lehlohonolo ba hlatswang diaparo tsa bona, e le hore ba tle ba be le tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, le ya ho kena motseng ka dikgoro tsa wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ