Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 54:7 - BIBELE

7 “Ke ile ka o furalla ka motsotswana feela, empa ka baka la kutlwelobohloko ke tla o kgutlisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ke na be ke o furaletse ka motsotso o se o kae, empa ke tla o bokella ka mehauhelo e fetisisang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 54:7
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena Modimo wa rona, ako re pholose; o re phuthe, o re ntshe ditjhabeng, re tle re boke lebitso la hao, lebitso la hao le halalelang, re o rorise re le motlotlo.


a ba phutha, a ba ntsha dinaheng tsa botjhabela le bophirimela, tsa borwa le leboya.


Rokang Morena, lona batshepuwa bohle ba hae, le boke lebitso la hae le halalelang.


Kgalefo ya hae ke ya motsotswana feela, lerato la hae ke la bophelo bohle ba motho. Leha nka robala ka meokgo, ha bo esa e se e le nyakallo.


Tsatsing leo Morena o tla otlolla letsoho la hae kgetlo la bobedi, ho lopolla masalla a setjhaba sa hae a Asiria le a Egepeta, a Patarose le a Kushe, a Elame le a Shinare, a Hamate le a ahileng dihlekehlekeng.


O tla emisetsa ditjhaba mokgele, a phuthe Baiseraele ba lelekilweng naheng ya bona; a bokelle setjhaba sa Juda se qhalantsweng, a se bokelle hohle qoleng tse nne tsa lefatshe.


Mohla tsatsi leo, o tla re: “Oho, Morena, ke tla o boka, le hoja o ne o nkgalefetse; kgalefo ya hao e kgaoditse, wena o fela o ntshedisitse.


Morena o tla hauhela Jakobo, a boele a ikgethele Baiseraele, a ba ahise naheng ya bona; baditjhaba ba tla aha le bona, ba kgomarele ntlo ya Jakobo.


Ikeleng tjhaba sa ka, le kene kamoreng tsa lona, ha le se le kene, le ikwalle kahara tsona, le ipate ho se hokae, kgalefo e be e fele.


Ka letsatsi leo, Morena o tla pola koro ho tloha nokeng ya Euferatese ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta, ebe lona bana ba Iseraele, le bokellwa ka bonngwe.


O mo otlile ka ho mo lelekela naheng esele, wa mo fefola ka moya o matla, jwaloka mohla moya wa botjhabela o fokang.


O katla mohlape wa hae jwaloka modisa, dikonyana o di sika ka matsoho a hae, a di sikele sefubeng sa hae, ditswetse tsona a di kganne hantle.


Lona mahodimo binang ka thabo, wena lefatshe nyakalla, lona dithaba binang ka nyakallo! Morena o tshedisa setjhaba sa hae, o hauhela tjhaba sa hae se tujwang.


Phahamisa mahlo a hao, o thalatse kahohle; tjhaba sa hao se a phutheha, se tla ho wena. Ke hlapanya ka bitso la ka,” ho rialo Morena, “ho wena ba tla tshwana le mekgabiso, o ikgabise ka bona jwaloka monyaduwa.


Jwale ka pelong ya hao o tla re: ‘Bana baa ke ba tswaletswe ke mang? Ke ne ke shwelwe ke bana, ka ba jwaloka nyopa, ka thopuwa, ka iswa kwana le kwana. Bana baa ba hodisitswe ke mang? Ke ne ke setse ke le mong feela, empa jwale baa bona ba tswa kae?’ ”


Morena o bua tjena: “Le kae lengolo leo ke hladileng mmao ka lona, leo ke neng ke mo leleke ka lona? Ke o rekisitse ho mang, ho lefa molato wa ka? Le ile la rekiswa ka baka la bokgopo ba lona, mma lona a lelekwa ka baka la ditshito tsa lona.


Morena Modimo, yena ya kgutlisang baphaphathehi ba Iseraele, o bua tjena: “Ke sa tla boela ke mo kgutlisetsa ba bang, ntle ho bao ke seng ke ba kgutlisitse.”


“Baditjhaba ba tla tsosa marako a hao, dikgosi tsa bona di o sebeletse; le hoja ha ke halefile ke ile ka o otla, empa ka baka la lereko la ka ke o hauhetse.


“Phahamisa mahlo o qamake kahohle: Bohle ba a phutheha, ba itlisa ho wena; bara ba hao ba tla tswa holehole, baradi ba hao ba tle ba sikilwe ka matsoho.


Ha o ka ke wa hlola o bitswa Molahluwa, kapa naha ya hao e bitswe Nanaola; empa o tla bitswa Monnyakalatsi, naha ya hao e bitswe Monyaduwa, hobane Morena o thabiswa ke wena, naha ya hao e tla ba mohatsa Morena.


Ke tla bolela tsa rato la Morena le sa feleng, le ketso tseo a lokelang ho di rorisetswa, ho ya ka tsohle tseo a re etseditseng tsona, melemo e meholo ho ba ntlo ya Iseraele, eo a ba abetseng yona ho ya ka mehauhelo ya hae, le ho ya ka ketso tsa hae tsa lerato, tse ngata.


“Ke tseba diketso tsa bona le mehopolo ya bona; nako e tla fihla, ke kgobokanye ditjhaba, le ba dipuo tsohle, bohle ba tla tla ba bohe tlotla ya ka.


Baiseraele le Bajuda ha ba a furallwa ke Modimo, Modimo wa bona, Morena mabotho, le hoja naha ya bona e tletse melato, melato e sitetsweng Ya Halalelang wa Iseraele.


Morena ha a ke be a lahle batho, ha a ke a ba lahlela molahlelaruri!


Leha a tlisa maswabi, o utlwela bohloko, ka baka la boholo ba mehauhelo ya hae.


“Ke tla le ntsha hara baditjhaba, ke le phuthe dinaheng tsohle, ke le kgutlisetse naheng ya habo lona.


“Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “ke tla bokella ba hlotsang, ke phuthe ba qhalantsweng, ke phuthe bao ke ba otlileng.


“Jerusalema! Jerusalema! Wena ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rometsweng ho wena, ke hakae ke lakaditseng ho phutha bana ba hao, jwalokaha kgoho e alama ditsuonyana tsa yona, empa wa hana!


Matshwenyeho a rona a bobebe, ke a motsotswana, a re tlisetsa tlotla e kgolohadi, e sa feleng.


Morero oo Modimo a tla o phatlalatsa, ha nako e beilweng e fihlile, ke wa ho kopanya tsohle tse mahodimong le lefatsheng tlasa Kreste.


Morena Modimo wa lona, o tla le kgutlisa bothopuweng, a le hauhele, mme a boele a le phuthe ditjhabeng tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a le qhalanyeditseng hara tsona.


Empa Modimo o re neile mohau o moholo ka ho fetisa. Ke ka hona ho thweng: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikokobetsi o a ba hauhela.”


Feela, baratuwa, ntho eo le sa tshwanelang ho e lebala ke ena: Ho Morena letsatsi le le leng le jwaloka dilemo tse sekete, mme le dilemo tse sekete di jwaloka letsatsi le le leng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ