Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 54:6 - BIBELE

6 “Morena o o bitsitse sa mosadi ya lahlilweng, a o bitsa sa mosadi ya hlomohileng, ya nyetsweng a sa le monyenyane a ba a lahlwa,” ho rialo Modimo wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Hobane Jehova o o lata jwalokaha ho latwa mosadi ya furaletsweng, ya hlomohileng pelo, kapa jwaloka mosadi ya nyetsweng botjheng ba hae, mme a hladilwe; ho rialo Modimo wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 54:6
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bonna ba hao bo ke bo hlohonolofale, o ithabise ka mosadi wa hao wa matswathaka,


Ka matsatsi wohle a bophelo ba hao ba lefeela, boo Modimo a o neileng bona mona lefatsheng, e leng matsatsi a se nang thuso, iphelele ka thabo le mosadi wa hao eo o mo ratang. Ona ke wona moputso oo o o fumanang ha o ntse o phela, mme o sebetsa ka thata mona lefatsheng.


Ha o ka ke wa hlola o bitswa Molahluwa, kapa naha ya hao e bitswe Nanaola; empa o tla bitswa Monnyakalatsi, naha ya hao e bitswe Monyaduwa, hobane Morena o thabiswa ke wena, naha ya hao e tla ba mohatsa Morena.


Ke tla o phekola, ke fodise maqeba a hao,” ho rialo Morena, “hoba ba ile ba o bitsa Molahluwa, ba re: Ena ke Sione e sa natsweng ke motho.”


Ke tla o nyala o be wa ka kamehla, ke o nyale ka toka le ka ho loka, ka lerato le ka kutlwelobohloko.


Jwale le a mpotsa, le re: “Ke ka baka lang?” Ke hobane Morena o tseba se etsahetseng pakeng tsa hao le mosadi wa hao wa matswathaka. O ile wa mo hlokela botshepehi, le hoja le ne le entse selekane sa hore e be mosadi wa hao.


“Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imetsweng, mme ke tla le kgatholla.


Empa Modimo ya kgothatsang ba eisehang o ile a re kgothatsa ka ho tla ha Tite;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ