Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 54:4 - BIBELE

4 “O se ke wa tshaba, o ke ke wa hlajwa ke dihlong, se tshabe ho tlontloloha, o ke ke wa nyenyefatswa. O tla lebala dihlong tsa botjha ba hao, ho nyediswa ha bohlolohadi ba hao, ha o sa tla hlola o ho hopola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 O se ke wa tshaba, hobane o ke ke wa hlajwa ke dihlong; o se ke wa swaba, hobane o ke ke wa tsielwa ke letho, empa o tla lebala dihlong tsa botjha ba hao, o ke ke wa hlola o hopola maswabi a bohlolohadi ba hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 54:4
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsietsi tsa hao o tla di lebala tsohle, o di hopole jwaloka metsi ha a sa fetile.


Morena Modimo o tla fedisa lefu, le felle ruri, a hlakole meokgo fahlehong tsa batho bohle, a tlose dihlong tjhabeng sa hae fatsheng lohle, hobane Morena o buile jwalo.


Ka baka leo, Morena ya lopolotseng Aborahama o bua tjena ho ba lelapa la Jakobo: “Jakobo ha a sa tla hlola a hlajwa ke dihlong, fahleho sa hae ha se ka ke sa hlola se pudufala.


Matsatsing ao basadi ba supileng ba tla tshwara monna a le mong, ba re ho yena: “Re tla iphepa, re ikapese, ha feela re ka bitswa ka wena, e le hore sekgobo sa hore ha re a nyalwa se tle se tlohe.”


O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena, o se tsielehe, hobane ke Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa, ke be ke o thuse, ke o tshehetse ka tsoho la ka le letona, ka tsoho le letona le etsang ho loka.


“O se ke wa tshaba, wena Jakobo, sebokonyana, wena Iseraele wa motwantwanyane; ke nna ya tla o thusa,” ho rialo Morena, Molopolli wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele.


Morena Modimo o tla nthusa, kahoo ha nka ke ka tlontloloha. Ke thatafaditse fahleho sa ka jwaloka moralla, mme ke a tseba ha nka ke ka hlajwa ke dihlong.


“Lona ba tsebang se lokileng, mamelang! Lona tjhaba se tsebang molao wa ka, tjhaba seo molao wa ka o leng ka pelong tsa sona: Le se ke la tshaba ha batho ba le nyefola, kapa la tshoswa ke mahlapa a bona.


Ha o etsa tse lokileng o tla matlafala, bompodi bona bo ke ke ba eba teng ho wena, ha o ka ke wa tshaba letho, esita le ditshoso di ke ke tsa o atamela.


Kaha dihlong tsa lona di phetahane habedi, ho songwa le mahlapa e bile kabelo ya lona, leruo la naha ya lona le tla eketseha habedi, thabo ya lona e be ya kamehla le mehla.


Ya kopang tlhohonolofatso mona lefatsheng, o tla kopa ho hlohonolofatswa ke Modimo wa nnete; ya hlapanyang mona lefatsheng, o tla hlapanya ka Modimo wa nnete, hobane tsietsi tsa pele di tla be di lebetswe, le mahlong a ka di se di patehile.”


Ruri hoba ke kgelohe ke ile ka ikwahlaya, yare hoba ke rutwe ka kebisa hlooho ke ho swaba. Ka hlajwa ke dihlong, pelo ya ka ya nyahama, ka inyatsetsa dibe tsa botjha ba ka.’


Motse o neng o diila batho kahohle, kajeno o bodutu hakaakang! O ne o le moholo hara ditjhaba, kajeno o fetohile mohlolohadi! E ne e le mofumahadi hara ditjhaba kajeno o fetohile lekgabunyane!


Ha o ntse o etsa manyala ana a hao le bootswa bona ba hao, ha o a ka wa hopola matsatsi a botjha ba hao, ha o ne o tsotse, o le feela, o le ditshila ke madi a hao.’ ”


“ ‘Erekaha o sa ka wa hopola matsatsi a botjha ba hao, wa nna wa nkgalefisa ka ho etsa dintho tsena, bona mona he, le nna ke tla iphetetsa ka baka la tsena tseo o di entseng, ho rialo Morena Modimo. Na ha wa ka wa eketsa bootswa hodima manyala wohle ao o a entseng?’ ”


Ha nka ke ka hlola ke etsa hore o utlwe baditjhaba ba o soma, kapa ditjhaba di o nyefola, kapa ka etsa hore setjhaba sa heno se we, ho rialo Morena Modimo.’ ”


Wena lefatshe, se ke wa tshaba letho; thaba, mme o nyakalle, hobane Morena o entse tse kgolo.


Mohla tsatsi leo ha o na ho ba dihlong ka baka la ho ntshitelwa ha hao. Ba ithorisang ka boikakaso ba hao ke tla ba fedisa kahare ho wena; o ke ke wa hlola o ikgohomosa, o le thabeng ya ka e halalelang.


“Ke tla matlafatsa ba ntlo ya Juda, ba ntlo ya Josefa ke ba pholose. Ke tla ba kgutlisetsa ha habo bona, hobane ke ba utlwela bohloko. Ba tla ka bao ke ne ke eso ba lahle, hobane nna ke Morena, Morena Modimo wa bona, ke tla amohela thapelo tsa bona.


etswe Mangolo a re: “Sione ke bea lejwe la mantlha, le kgethehileng, la bohlokwa, mme ya dumelang ho lona ha a ka ke a hlajwa ke dihlong.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ