Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 54:1 - BIBELE

1 “Bina, wena nyopa, o sa kang wa beleha, tsanyaola, o bine ka thabo, wena o sa kang wa utlwa bohloko ba pelehi, hobane bana ba mosadi ya lahlilweng, ba bangata ho feta ba mosadi ya nyetsweng,” ho rialo Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Thaba, wena nyopa, o sa kang wa tswala; o dumise ditlatsi le dipina tsa thabo, wena o sa kang wa tseba bohloko ba ho beleha, hobane bana ba ya furaletsweng ba bangata ho feta bana ba ya nyetsweng, ho bolela Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 54:1
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Sara a re: “Morena o nketseditse letsheho; e mong le e mong ya utlwang o tla ntsheha.”


O fa nyopa lelapa, a e etse mma bana ya thabileng. Haleluja!


Re na le letlamorwana la kgaitsedi, matswele a yona e sa le diolamolora. Re tla etsa jwang ka kgaitsedi ya rona, ha mohlankana a rata ho e hloma lesiba?


Howeletsang haholo, le didietse ka thabo, le bine lona baahi ba Sione. Ya Halalelang wa Iseraele o moholo hara lona.”


Ba tla howeletsa ka mantswe a phefa, ba binele Morena ya tlotlehang, ba howe haholo, ba howe ho tloha bophirimela.


Binang ka nyakallo, lona mahodimo, hobane tsena Morena o di entse; howeletsang lona dikgohlo tsa lefatshe, lona dithaba binang haholo, le lona meru le fate tsohle tse ho lona, hobane Morena o lopolotse Jakobo, o bonahaditse tlotla ya hae, a e bonahatsa ka Iseraele.


Lona mahodimo binang ka thabo, wena lefatshe nyakalla, lona dithaba binang ka nyakallo! Morena o tshedisa setjhaba sa hae, o hauhela tjhaba sa hae se tujwang.


“O fetohile lesupi, o hloka baahi, le naha ya hao e senyehile, e ke ke ya hlola e lekana, e lekana tjhaba sa hao, le hoja ba neng ba o ripitle ba tla be ba le hole.


Bana bao o ba tswetseng nakong ya bofifi ba hao, ba tla bua moo o ntseng o utlwa, ba re: ‘Baka sena se senyenyane, ha se re lekane, re ekeletse naha re tsebe ho haha.’


Ha o ka ke wa hlola o bitswa Molahluwa, kapa naha ya hao e bitswe Nanaola; empa o tla bitswa Monnyakalatsi, naha ya hao e bitswe Monyaduwa, hobane Morena o thabiswa ke wena, naha ya hao e tla ba mohatsa Morena.


“Mosadi o belehile a eso utlwe mahlaba a pelehi, a beleha mora, mahlaba a pelehi a eso mo fihlele.


Wena Moradi wa Sione, bina haholo! Wena Iseraele, howeletsa haholo! Wena Moradi wa Jerusalema, thaba haholo, ka pelo ya hao yohle, nyakalla haholo!


Wena Moradi wa Sione nyakalla haholo! Wena Moradi wa Jerusalema etsa ditlatse! Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena; e lokile, e tlisa topollo, e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki.


hobane ho ngotswe, ho thwe: “Thaba, wena nyopa, wena ya sa beleheng; tsanyaola, o bine ka thabo, wena ya sa kang a utlwa bohloko ba pelehi; hobane bana ba mosadi ya lahlilweng ba bangata ho feta ba mosadi ya nyetsweng.”


Ba neng ba kgora, ba sebeletsa bohobe, ba neng ba lapa ba a kgora; e, nyopa e tswetse bana ba supile, ya belehileng haholo o setse a itlhophere.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ