Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Isaia 53:11 - BIBELE

11 Ha moya wa hae o so hlokofaditswe, o tla bona tholwana tsa ho hlokofatswa ha hae. Mohlanka wa ka ya lokileng o tla lokafatsa, a lokafatse ba bangata ka tsebo ya hae, a be a jare le makgopo a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ka baka la mofufutso wa moya wa hae, o tla bona se mo kgodisang; mohlanka wa ka ya lokileng o tla bea ba bangata ho loka ka tsebo ya hae, mme o tla jara makgopo a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Isaia 53:11
37 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Bonang, Mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng, ke eo, mokgethwa wa ka ya nkgahlang; ke theoletse Moya wa ka, ka o theolela hodima hae, o tla tlisetsa ditjhaba toka.


Empa ho Morena ditloholo tsohle tsa Iseraele di tla fumanwa di lokile, mme di nyakalle.”


Yaba o re ho nna: ‘Wena Iseraele, o mohlanka wa ka, ke ka wena ke tlang ho tlotliswa.’ ”


Bonang, mohlanka wa ka o tla atleha, o tla tlotlwa, a thoholetswe, a phahamisetswe tulong tse hodimo.


Kahoo o tla ba le seabo hara ba baholo, kgapo yona a e arolelane le dinatla, hobane bophelo ba hae o ila bo tella lefu, a ba a balellwa le baetsadibe. O ila itjarisa dibe dibe tsa ba bangata, mme baetsadibe a ba rapella.


A kgannwa ka dikgoka, a ahlolwa ntle ho toka, ba leloko la hae ba se ke ba mo natsa. A tloswa hara ba phelang ba fatshe lena, a bolawa ka baka la makgopo a tjhaba sa ka.


Bahlalefi ba tla phatsima jwaloka loapi la lehodimo, mme ba rutileng batho ba bangata ho etsa ho lokileng ba tla phatsima jwaloka dinaledi kamehla le mehla.


“Lemo tse mashome a supileng, a supileng hasupa, di baletswe tjhaba sa heno le motse o halalelang, hore ditshito tsohle di tle di fediswe, dibe le tsona le ke le di fedise, ho etswe poelano bakeng sa ho etsa bokgopo, ho loka ha kamehla ho tle ho be teng, ho phethahatswe dipono, le bona boporofeta, Ya Halalelang haholo le yena a tlotswe.


Ka mokgwa o jwalo Mora Motho ha a ya tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.”


Ha a le ditlallong tsa lefu a rapela ka ho fetisisa, mme mofufutso wa hae wa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe.


Kannetenete, ke a le bolella, ha tlhaku ya koro e welang mobung, e sa shwe, e sala e le inotshi, empa ha e eshwa, e beha ditholwana tse ngata.


Mosadi ha a beleha o utlwa bohloko, hobane nako ya hae e fihlile, empa ha a se a belehile, ha a sa hlola a hopola bohloko ba pelehi, ka baka la thabo ya hore ho tswetswe motho lefatsheng.


Bophelo bona bo sa feleng ke hore ba o tsebe, o le Modimo a le mong, wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.


empa ho ngotswe ka baka la rona, ba seng ba tla e ballwa, ba dumelang ho ya tsositseng Jesu, Morena wa rona, bafung,


Erekaha jwale re lokafaditswe ka madi a hae, re tla pholoswa ka yena bohaleng ba Modimo ho feta hakaakang!


Ba bang ba lona le ne le le jwalo, empa le ile la hlatsuwa, la halaletswa, la lokafatswa ka lebitso la Morena Jesu Kreste, le ka Moya wa Modimo wa rona.


Modimo ya itseng: “Lesedi le kganye lefifing,” ke yena ya kgantsheditseng dipelo tsa rona, hore di be le lesedi la tsebo ya tlotla ya Modimo, e kganyang sefahlehong sa Kreste.


Bana ba ka, ke boela ke le utlwela bohloko bo kang ba pelehi, ho fihlela Kreste a bopeha ka ho lona.


Re tadimeng ho Jesu, moqadi le mophethahatsi wa tumelo ya rona. Ke yena eo, ka baka la thabo eo a neng a e lebeletse, a ileng a mamella mahloko a sefapano, a se ke a natsa ho tlontlollwa ka sona, mme jwale o dutse ka letsohong le letona la terone ya Modimo.


Ka mokgwa o jwalo le Kreste o ile a inyehela hanngwe, ho tlosa dibe tsa ba bangata. Mohla a tlang kgetlo la bobedi, sebe se se se fedisitswe, o tla iponahatsa ho ba mo lebeletseng hore a ba pholose.


Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.


Kreste le yena o shwetse dibe tsa lona hanngwe, ya lokileng a shwela ba sa lokang, e le hore a tle a le tlise ho Modimo. O ile a bolawa ka nqeng ya mmele, empa a kgutlisetswa bophelong ka Moya;


Le mpe le hole mohaung le tsebong ya Jesu Kreste, Morena le Mopholosi wa rona. Ho yena e be tlotla jwale le kamehla yohle. A ho be jwalo!


Bana ba ka, ke le ngolla tsena hore le tle le se ke la etsa sebe. Empa haeba motho a ka etsa sebe, re na le mmuelli ya re buellang ho Ntate: ke Jesu Kreste, ya lokileng.


Nna, moholo wa Kereke, ke dumedisa mofumahadi ya kgethilweng, le bana ba hae, bao ke ba ratang kannete. Ha ba ratwe ke nna feela, empa ba ratwa le ke bohle ba tsebang nnete.


Ke re: Mohau, le lereko, le kgotso ya Modimo Ntate le ya Morena Jesu Kreste, Mora wa Ntate, di ke di be le lona ka nnete le ka lerato.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ